BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. |
| 2 |
| Modimo, ako utlwe sello sa ka, ako mamele thapelo ya ka. |
| 3 |
| Ke ipiletsa ho wena ke le pheletsong tsa lefatshe, pelo ya ka e saretswe. O ntlhwesetse lefikeng leo ke sitwang ho le hlwa, |
| 4 |
| hobane o setshabelo sa ka, qhobosheane e matla mahlong a dira tsa ka. |
| 5 |
| A nke ke dule ka Tempeleng ya hao kamehla, ke tle ke tshabele tlasa mapheo a hao. |
| 6 |
| Wena Modimo, o amohetse dikano tsa ka; ba tshabang lebitso la hao o ba fa seo ba se lakatsang. |
| 7 |
| Ekeletsa kgosi matsatsi a bophelo, dilemo tsa yona di akaretse le meloko e tlang. |
| 8 |
| E ke e dule teroneng kamehla le mehla, e dule kapele ho Modimo; mohau le nnete ya hao di ke di e boloke. |
| 9 |
| Ke moo ke tla roka lebitso la hao kamehla, ha ke ntse ke phetha dikano tsa ka, ke di phetha ka matsatsi wohle. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/061.mp3
150
61