BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida, ya mohla a leng lehwatateng la Juda. |
| 2 |
| Modimo, ke wena Modimo wa ka, Modimo eo ke mmatlang, moya wa ka o o nyoretswe, mmele wa ka o o hlolohetswe, jwaloka naha e omeletseng, e kgathetseng, e hlokang metsi. |
| 3 |
| Ka o tadima o le Sehalalelong sa hao, ka boha matla a hao le tlotla ya hao. |
| 4 |
| Mohau wa hao o molemo ho feta bophelo, molomo wa ka o tla o rorisa. |
| 5 |
| Ke tla o boka ha ke ntse ke phela, ke phahamise matsoho a ka, ke a phahamisetse ho wena. |
| 6 |
| Moya wa ka o tla kgora jwaloka ya jang moko le mafura, molomo wa ka o o rorise o o rorise ka dithoko tsa thabo. |
| 7 |
| Ha ke ntse ke robetse ke a o hopola, ke o nahana ka dinako tsa bosiu, |
| 8 |
| hobane o mothusi wa ka, ke nyakalla moriting wa mapheo a hao. |
| 9 |
| Moya wa ka o o kgomaretse, tsoho la hao le letona le a ntshehetsa. |
| 10 |
| Ba batlang ho timetsa bophelo ba ka ba tla theohela botebong ba lefatshe; |
| 11 |
| ba tla bolawa ka sabole e bohale, mme ba jewe ke diphiri. |
| 12 |
| Athe kgosi e tla thabela Modimo, bohle ba ikanang ka yena ba tla ithorisa, empa ba leshano ba tla thijwa melomo. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/063.mp3
150
63