BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. |
| 2 |
| Modimo, ako utlwe sello sa ka, sello sa ka sa masisapelo, o sireletse bophelo ba ka o bo sireletse ha sera se ntshosa. |
| 3 |
| Mpate hole le mokgatlo, mokgatlo wa ba etsang bobe, hole le sehlopha sa ba kgopo; |
| 4 |
| ba leotsang maleme a bona ba a leotsa sa disabole, ba hlabang ka mantswe a babang, mantswe a kang metsu. |
| 5 |
| Ba fula ya se nang kodi ba ipatile, ba mo fula ka tsometso ba se na letswalo. |
| 6 |
| Ba tiile morerong wa bona o mobe, ba rera ho tjheha maraba, ba re: “Re tla bonwa ke mang?” |
| 7 |
| Ba rera bokgopo, ba re: “Re lohile mano ka bohlale.” Mehopolo ya motho ke kweetsa, le pelo ya hae ke kweetsa. |
| 8 |
| Empa Modimo o ba fula ka metsu ya hae, o ba hlaba ka ho ba tsometsa. |
| 9 |
| Maleme a bona a a ba timetsa; bohle ba ba bonang ba sisinya dihlooho. |
| 10 |
| Jwale bohle ba tla tshaba, ba bolele mosebetsi wa Modimo, ba utlwisise ketso ya hae. |
| 11 |
| Ya lokileng o tla thabela Morena, mme a tshabele ho yena; bohle ba pelo di ntle ba ithorise. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/064.mp3
150
64