×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 65

1
Pesalema ya Davida, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela.
2
Modimo, o lokelwa ke thoriso, e o lokela o le Sione; dikano di phethelwa wena,
3
wena ya utlwang thapelo. Batho bohle ba tla tla ho wena,
4
ba tle ka baka la dibe tsa bona. Ha re imetswe ke melato, wena o a re tshwarela.
5
Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, wa mo amohela, hore a tle a ahe mabaleng a hao. Re tla kgora tse molemo tsa Ntlo ya hao, tse halalelang tsa Tempele ya hao.
6
O re arabela ka diketso tse hlollang, diketso tse hlollang tsa toka, wena Modimo, mopholosi wa rona; wena o leng tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe, le dihlekehlekeng tse hole.
7
Ka matla a hao o hlomile dithaba, o bontsha bonatla ba hao;
8
o kgutsisa ho tuduana ha mawatle, ho tuduana ha maqhubu a wona, le ho dumaduma ha ditjhaba.
9
Ba ahileng dipheletsong tsa lefatshe ba tshaba dipontsho tsa hao; o etsa hore bohle ba howe ka thabo, ho tloha botjhabela ho isa bophirimela.
10
O etela lefatshe, o a le nwesetsa, o le sitsa ka nala; noka tsa mahodimo di phename, ho fa batho dijo. Ka mokgwa oo o lokisa lefatshe,
11
ka ho kolobisa boleme ba masimo, ho phophotha makwete a wona, ho nolofatsa mobu ka pula tsa medupe, le ho hlohonolofatsa dijalo tsa wona.
12
O rwesa selemo mofapahlooho, mofapahlooho wa tse molemo tsa hao, mehlaleng ya hao ke nala feela.
13
Makgulo a lehwatata a tshwetshwetha metsi, maralla a aparetswe ke thabo.
14
Diphula di aparetswe ke mehlape, dikgohlo di tletse mabele. Tsena tsohle di howa ka thabo, di a bina.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha