×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 66

1
Pesalema e qapetsweng motsamaisi wa dibini. Sefela. Etsetsang Modimo ditlatse, lona ba lefatshe lohle,
2
mo rokeng, le tlotlise lebitso la hae, le mo rorise ka mokgwa o tlotlehang.
3
Ereng ho Modimo: “Mesebetsi ya hao e tshabeha hakaakang! Ka baka la matla a hao a maholo, dira tsa hao di a o qekisa.
4
Lefatshe lohle le a o kgumamela, le a o roka, le roka lebitso la hao.”
5
Tloong, le bohe mesebetsi ya Modimo: O a tshabeha diketsong tsa hae, ketsong tsa hae ho bana ba batho.
6
O ile a apola lewatle, ha hlaha mobu o ommeng, batho ba tshela noka ka maoto; ka baka leo, a re mo thabeleng.
7
Ka matla a hae o busa kamehla, mahlo a hae a disa ditjhaba, esere bahanyetsi ba boela ba tsoha.
8
Bokang Modimo wa rona, lona ditjhaba, utlwahatsang thoriso ya hae.
9
Ke yena ya re fileng bophelo, ya sa kang a tlohela maoto a rona, a a tlohella ho thella.
10
Modimo, o ile wa re hlahloba, wa re hlwekisa seboping jwaloka silefera;
11
wa re tshwasa ka letlowa, wa re belesa mojaro o boima;
12
wa dumella batho ho re hata melala, ra feta hara mollo le metsi; wa ntano re kgatholla haholo.
13
Ke tla ya tlung ya hao ke nkile setjheso, ke o phethele dikano tsa ka,
14
tseo ke di buileng ka molomo wa ka, ka di bolela ke le matshwenyehong.
15
Ke tla o nyehella ka ditjheso, ka ditjheso tsa phoofolo tse nonneng, le ka setjheso sa dipheleu, setjheso se monko o monate, ke o hlabele dipohwana le diphooko.
16
Tloong, le mamele, lona bohle ba tshabang Modimo, ke le phetele seo a nketseditseng sona.
17
Ke ipileditse ho yena ka molomo wa ka, ka mo phafa ka leleme la ka.
18
Hoja ke ne ke dumella bobe pelong ya ka, Morena a ka be a sa nkutlwa,
19
empa Modimo o nkutlwile, o mametse sello sa thapelo ya ka.
20
Ho bokwe Modimo, ya sa kang a lahla thapelo ya ka, ya sa kang a ntima mohau wa hae.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha