×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 67

1
Pesalema. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela.
2
Modimo ako re hauhele, o re hlohonolofatse, o re bontshe sefahleho, fahleho se kganyang kgotso.
3
Ditsela tsa hao di ke di tsejwe lefatsheng, ditjhaba tsohle di tsebe hore o a pholosa.
4
Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke.
5
Merabe e ke e thabe, e etse ditlatse, hobane o ahlola ditjhaba ka toka; ke wena motsamaisi wa merabe lefatsheng.
6
Ditjhaba di ke di o boke, wena Modimo, ditjhaba tsohle di o boke.
7
Lefatshe le bile le tjhai e kgolo, Modimo, Modimo wa rona, o re hlohonolofaditse!
8
Modimo o re hlohonolofaditse, a tshajwe ke bohle lefatsheng, ho isa dipheletsong tsa lona.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha