BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Kodi-ya-malla ya Davida eo a e binetseng Morena ka baka la mantswe a Kushe, Mobenjamine. |
| 2 |
| Morena Modimo wa ka, ke tshabela ho wena, ke tshabela ho wena, ako mpholose, o nnamolele ho bohle ba ntlhorisang; |
| 3 |
| esere ba mphamola jwaloka tau, ba ntsekolla ho se ya nnamolelang. |
| 4 |
| Morena Modimo wa ka, haeba ke entse tsena: ha ke sebeditse bokgopo ka diatla tsa ka, |
| 5 |
| ha ke entse mothusi wa ka hampe, ha ke senyeditse sera sa ka ho se lebaka, |
| 6 |
| dira di ke di ntelekise, di ntshware, di ke di nkgatakelle fatshe, di mpolaye, di nkepele leroleng. |
| 7 |
| Thusa, Morena, o ntse o halefile! O tsohele dira tsa ka tse bohale, o di tsohele matla; tsoha Modimo wa ka, wena ya dihang kahlolo. |
| 8 |
| Phutheho ya ditjhaba e ke e o bokanele; wena o dule hodimodimo, o e okamele. |
| 9 |
| Morena o ahlola ditjhaba. Nkahlolele, Morena, ho ya ka ho loka ha ka, le ho ya ka ho hloka kodi ha ka. |
| 10 |
| Bobe ba ba kgopo bo ke bo fele, mme o tiise ba lokileng, wena ya hlahlobang moya le pelo, wena Modimo ya lokileng. |
| 11 |
| Thebe ya ka ke Modimo, ya pholosang ba pelo di ntle. |
| 12 |
| Modimo ke moahlodi ya lokileng, ya ahlolang kamehla yohle. |
| 13 |
| Ha motho a sa bake, Modimo o tla leotsa sabole ya hae, a hule seqha sa hae, a se tjhehe; |
| 14 |
| a lokise dibetsa tse bolayang, metsu ya hae a e etse ditsenene tse malakabe. |
| 15 |
| Bonang, e mobe o emola tse manyala, o emara bokgopo, mme o tswala thetso. |
| 16 |
| O tjhekile lemena, a le tebisa, a wela hona lemeneng leo a le tjhekileng. |
| 17 |
| O jelwe ke bokgopo ba hae, sehloho sa hae se mo wetse hodimo. |
| 18 |
| Ke boka Morena ka baka la toka ya hae, ke roka lebitso la Morena Ya Hodimodimo. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/007.mp3
150
7