BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “O se ke wa senya”. Sefela. |
| 2 |
| Re a o boka Modimo, re a o boka, rona ba rapelang lebitso la hao, ba bolelang dimakatso tsa hao. |
| 3 |
| “Ka nako eo ke e beileng,” ho rialo Modimo, “ke nna ya tla ahlola ka ho loka. |
| 4 |
| Leha lefatshe le ka thothomela le bohle ba ahileng ho lona, ke nna ya tiisitseng ditshiya tsa lona. |
| 5 |
| Ke itse ho baikakasi: Le se ke la ikakasa, ho ba kgopo ka re: Le se ke la kgantsha matla; |
| 6 |
| le se ke la kgantsha matla hakaalo, kapa la bua le sataladitse melala. ” |
| 7 |
| Kahlolo ha e tswe botjhabela, kapa ha e tswe bophirimela, leha e le lehwatateng kapa dithabeng. |
| 8 |
| Ke Modimo ya ahlolang: O kokobetsa e mong, a phahamise e mong. |
| 9 |
| Ka letsohong Morena o tshwere mohope o phophomang veine e lomosehileng. O qhatsetsa bohle ba kgopo ba lefatshe; ba a nwa, ba minyeletsa le maritsa. |
| 10 |
| Empa nna ke tla mo fapha kamehla, ke roke Modimo wa Jakobo. |
| 11 |
| O tla fedisa matla wohle a ba kgopo, mme ba lokileng ba tla matlafala. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/075.mp3
150
75