BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Asafo. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka diletsa tsa dikgwele. Sefela. |
| 2 |
| Modimo o a tsejwa naheng ya Juda, lebitso la hae le leholo Iseraeleng. |
| 3 |
| Motlotlwane wa hae o Salema, leaho la hae le Sione. |
| 4 |
| Ke moo a robileng metsu, metsu e bebang ya seqha, le thebe, le sabole, le hlomo tsa ntwa. |
| 5 |
| O kganya hakaakang, o tlotleha hakaakang, ha o kgutla dithabeng tsa tlholo! |
| 6 |
| Dinatla di hlakotswe kgapo ya tsona, tsa robala boroko ba lefu; bahlabani bohle ba sitilwe ho itwanela. |
| 7 |
| Yare ha o kgalemela, wena Modimo wa Jakobo, dikariki le dipere tsa ntwa tsa fetoha, tsa fetoha diemahale. |
| 8 |
| Wena, o a tshabeha! Ke mang ya ka emang kapele ho wena, a ema teng ha o halefile? |
| 9 |
| O dihile kahlolo o le lehodimong, lefatshe la tshoha, la kgutsa, |
| 10 |
| ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe. |
| 11 |
| Kgalefo ya batho e tla o fetohela thoriso, ba phonyohileng kgalefo ya hao ba tla o etsetsa mekete. |
| 12 |
| Etsang dikano, le di etsetse Morena Modimo wa lona, le be le di phethe; ditjhaba tsohle tse kamathoko di nyehelle Ya Tshajwang, |
| 13 |
| yena ya fedisang boikgohomoso, boikgohomoso ba mahosana, yena ya tshajwang ke dikgosi tsa lefatshe. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/076.mp3
150
76