BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka ditolotolo. |
| 2 |
| Morena, monga rona, lebitso la hao le tlotleha hakaakang, le tlotleha lefatsheng lohle! Kganya ya hao, e kahodimo ho mahodimo, |
| 3 |
| e bolelwa ka melomo ya bana le ya masea. O hahile qhobosheane ho thibela dira tsa hao, wa e haha ho sitisa sera le moiphetetsi. |
| 4 |
| Ha ke boha mahodimo a hao, mosebetsi wa diatla tsa hao, ke boha kgwedi le dinaledi tseo o di beileng madulong a tsona, |
| 5 |
| ebe motho e ne e le eng, hoo o ka mo hopolang? Ngwana motho e ne e le eng, hoo o ka mo hlokomelang? |
| 6 |
| O mo entse ya katlasana ho mangeloi, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa tlotla, wa mo rwesa mofapahlooho, mofapahlooho wa hlompho. |
| 7 |
| O mo neile puso hodima mesebetsi ya diatla tsa hao, wa bea tsohle katlasa maoto a hae: |
| 8 |
| manku le makgomo wohle, le tsona diphoofolo tsa naha; |
| 9 |
| nonyana tse sepakapakeng, le ditlhapi ka lewatleng, le tsohle tse tsamayang ka lewatleng. |
| 10 |
| Morena, monga rona, lebitso la hao le a tlotleha, le tlotleha hakaakang lefatsheng lohle! |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/008.mp3
150
8