BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Asafo. Modimo o dutse lekgotleng la bomodimo, o ahlola a le hara baahlodi. |
| 2 |
| O re: “Le tla ahlola ho fihlela neng, le ntse le ahlola hampe, le nne le emele ba kgopo? |
| 3 |
| Ahlolelang mofokodi ka toka, ahlolelang le kgutsana ka toka; etsetsang mohlophehi toka, le mohloki le mo etsetse yona. |
| 4 |
| Lopollang mofokodi le mofutsana, le ba namolele matsohong a ba kgopo.” |
| 5 |
| Ha ba na tsebo kapa kutlwisiso, ba itsamaela lefifing, ba sisinya metheo ya toka. |
| 6 |
| Ke ile ka re: “Le medimo, lona bohle le bana ba Ya Hodimodimo; |
| 7 |
| empa le tla shwa jwaloka batho, le we jwaloka kgosana efe kapa efe.” |
| 8 |
| Thusa, Modimo, o ahlole lefatshe, hobane ditjhaba tsohle ke tsa hao. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/082.mp3
150
82