BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya Asafo. Sefela. |
| 2 |
| Oho, Modimo, o se ke wa ipha tshwea; se kgutse, Modimo, se kgobe matshwafo. |
| 3 |
| Bona, dira tsa hao di a rora, ba o hloileng ba tsosa mohlahla. |
| 4 |
| Ba lohela setjhaba sa hao mano, ba kunuta bao o ba sireleditseng. |
| 5 |
| Ba re: “Tloong, re ba fedise, e se hlole e eba setjhaba, bitso la Iseraele le se hlole le hopolwa.” |
| 6 |
| Ba rerisana ba le pelonngwe, ba entse selekane ho o lwantsha: |
| 7 |
| Baahi ba Edomo le Baishemaele, Bamoabe le Bahagare, |
| 8 |
| Bagebale le Baamone le Baamaleke, Bafilesita le baahi ba Tire, |
| 9 |
| le ba Asiria ba ikopantse le bona; ba thusana le bana ba Lota. |
| 10 |
| Ako ba etse jwaloka ba Midiane, o ba etse jwaloka Sisera, le Jabine nokaneng ya Kishone, |
| 11 |
| ba neng ba timele Ene-Dore, ba fetoha moitedi mobung. |
| 12 |
| Etsa hore marena a bona a tshwane le Orebe le Seebe, mahosana wohle a bona a tshwane le Seba le Salemuna, |
| 13 |
| ba neng ba ile ba re: “A re ikgapeleng naha ya Modimo, e be ya rona.” |
| 14 |
| Oho, Modimo wa ka, ako etse hore ba tshwane le ditlhokwa setsokotsaneng, ba tshwane le mmoko moyeng. |
| 15 |
| Jwalokaha mollo o tjhesa moru, le hlaha e hotetsa dithaba, |
| 16 |
| ba lelekise ka sefefo sa hao jwalo, o ba tshose ka sefefo sa kganyapa. |
| 17 |
| Etsa hore difahleho tsa bona di aparelwe ke dihlong, e le hore ba o batle, wena Morena. |
| 18 |
| Ba ke ba hlajwe ke dihlong, ba tshohele ruri, ba tlontlolohe, mme ba timele. |
| 19 |
| Ba tsebe hore ke wena feela Morena, Morena, Ya Hodimodimo ya okametseng lefatshe lohle. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/083.mp3
150
83