BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya bara ba Kora. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka setolotolo. |
| 2 |
| Meaho ya hao e rateha hakaakang, wena Morena wa mabotho! |
| 3 |
| Moya wa ka o motela ke ho hlolohela mabala a ntlo ya Morena; pelo ya ka le mmele wa ka di etsetsa Modimo ya phelang ditlatse. |
| 4 |
| Esitana le serobele se iphumanela leaho, le lefokotsane le iphumanela sehlaha, moo le beang madinyane a lona teng, haufi le dialetare tsa hao, wena, Morena wa mabotho, kgosi ya ka, le Modimo wa ka. |
| 5 |
| Ho lehlohonolo ba phelang tlung ya hao, ba sa kgaotseng ho o rorisa. |
| 6 |
| Ho lehlohonolo batho bao wena o leng matla a bona, ba thabelang maeto a ho ya rapela. |
| 7 |
| Ha ba feta kgohlong e omeletseng, e fetoha didiba; le yona pula ya selemo e e apesa ka mahlohonolo. |
| 8 |
| Ba ntse ba matlafala ho ya pele, ha ba itlhahisa ho Modimo, Sione. |
| 9 |
| Oho, Morena Modimo wa mabotho, ako utlwe thapelo ya ka, o ntshekehele tsebe, Modimo wa Jakobo. |
| 10 |
| Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao. |
| 11 |
| Letsatsi le le leng le hlolwang mabaleng a hao, le molemo ho feta a sekete a hlolwang hosele. Ke rata ho ba monyako wa ntlo ya Modimo wa ka, ho ena le ho phela metlotlwaneng ya ba kgopo. |
| 12 |
| Morena Modimo ke qhobosheane, ke thebe ya rona, o fana ka mohau le tlotla; ha ho letho le molemo leo Morena a ka le timang ba metsamao e hlwekileng. |
| 13 |
| Morena wa mabotho, ho lehlohonolo motho ya o tshepang. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/084.mp3
150
84