BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini. |
| 2 |
| Morena, o ile wa kgahlwa, wa kgahlwa ke lefatshe la hao, wa kgutlisa ba leloko la Jakobo, wa ba kgutlisa bothopuweng. |
| 3 |
| O ile wa leballa setjhaba sa hao, wa se leballa molato wa sona, wa se tshwarela dibe tsohle tsa sona. |
| 4 |
| O ile wa kokobetsa bohale bohle ba hao, wa kgutla kgalefong ya hao e tukang. |
| 5 |
| Ako boele o re kgutlise, Modimo, wena, mopholosi wa rona, o fedise kgalefo ya hao ho rona. |
| 6 |
| Na o tla nne o re halefele kamehla? Na kgalefo ya hao e ke ke ya kgaotsa ho isa melokong e tlang? |
| 7 |
| Na o ke ke wa boela wa re phedisa, setjhaba sa hao se tle se o thabele? |
| 8 |
| Morena, ako re bontshe mohau wa hao, mme o re pholose. |
| 9 |
| A nke ke utlwe seo Morena Modimo a se bolelang, hobane o tla bolella setjhaba sa hae le batshepuwa ba hae tsa kgotso, e le hore ba se ke ba kgutla, ba kgutlela bothotong ba bona. |
| 10 |
| Ruri ho pholosa ha hae ho haufi le ba mo tshabang, e le hore tlotla ya hae e tle e ahe fatsheng la rona. |
| 11 |
| Mohau le botshepehi di tla kopana, ho loka le kgotso di tla akana. |
| 12 |
| Botshepehi bo tla ropoha lefatsheng, ho loka ho tla theoha lehodimong. |
| 13 |
| Morena o tla fana ka tse molemo, fatshe la rona le be le tjhai e kgolo. |
| 14 |
| Ho loka ho tla mo etella pele, kgotso e fumanwe mehlaleng ya hae. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/085.mp3
150
85