BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Thapelo ya Davida. Morena, ako ntshekehele tsebe, o nkarabe, hobane ke hlophehile, ke futsanehile. |
| 2 |
| Ako baballe bophelo ba ka, hobane ke motshepuwa wa hao, pholosa mohlanka wa hao ya o tshepang. |
| 3 |
| Ke wena Modimo wa ka, nkgauhele, Morena, ke ipiletsa ho wena kamehla. |
| 4 |
| Ako thabise mohlanka wa hao; ke o rapela ka moya wa ka wohle, Morena. |
| 5 |
| Wena Morena, o molemo, o a tshwarela; mohau wa hao o moholo ho bohle ba ipiletsang ho wena. |
| 6 |
| Morena, sekehela thapelo ya ka tsebe, o mamele sello sa thapedi ya ka. |
| 7 |
| Ha ke le matshwenyehong ke ipiletsa ho wena, mme wena o a nkaraba. |
| 8 |
| Morena, ha ho ya tshwanang le wena, ya tshwanang le wena hara medimo, ha ho mesebetsi e kang ya hao. |
| 9 |
| Tjhaba tsohle tseo o di bopileng di tla tla, di itihele maotong a hao Morena, di tlotlise lebitso la hao; |
| 10 |
| hobane o moholo, o etsa dimakatso, ke wena Modimo o inotshi. |
| 11 |
| Nthute tsela ya hao Morena, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao; tataisetsa pelo ya ka tshabong ya lebitso la hao. |
| 12 |
| Morena, Modimo wa ka, ke tla o boka ka pelo ya ka yohle, ke tlotlise lebitso la hao kamehla yohle. |
| 13 |
| Ho nna mohau wa hao o moholo, ke wena ya ntopolotseng botebong ba Nqalo ya Bafu. |
| 14 |
| Modimo, baikakasi ba ntsohetse matla, sehlopha sa ba sehloho se batla bophelo ba ka, ha ba na taba le wena. |
| 15 |
| Empa wena Morena, o Modimo o na le kutlwelobohloko le mosa, o dieha ho halefa, o tletse mohau le botshepehi. |
| 16 |
| Ako kgutlele ho nna, o nkgauhele; matlafatsa mohlanka wa hao, o pholose mora wa lekgabunyane la hao. |
| 17 |
| Bonahatsa molemo wa hao ho nna, ba ntlhoileng ba hlajwe ke dihlong, ha ba bona hore wena Morena, o mothusi wa ka le motshedisi wa ka. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/086.mp3
150
86