BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema ya bara ba Kora. Sefela. Motse wa Modimo o theilwe hodima thaba e halalelang, |
| 2 |
| Morena o rata dikgoro tsa Sione, ho feta metlotlwane yohle ya Jakobo. |
| 3 |
| O bolelwa ka tse kgabane, wena motse wa Modimo, ho thwe: |
| 4 |
| “Hara ditjhaba tse ntsebang ke bolela tsena: Egepeta le Babilona, Filesitiya le Tire, mmoho le Kushe; ka tsona ho thwe: Motho enwa o tswaletswe Sione. ” |
| 5 |
| Ka Sione ho thwe: “Batho bohle ke bana ba Sione.” Ya Hodimodimo ke yena ya e tiisitseng. |
| 6 |
| Ha Morena a bala ditjhaba, o tla ngola, a re: “Le motho enwa ke ngwana wa Sione.” |
| 7 |
| Dibini le dihoba di re: “Bohle re phela ka ho wena.” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/087.mp3
150
87