|
| 1 |
|
| Pesalema ya Etane wa Moesera, e nang le thuto. |
|
| 2 |
|
| Ke tla bina tsa mohau wa Morena, ke di bine kamehla, ka molomo wa ka ke tla tsebisa meloko yohle botshepehi ba hao; |
|
| 3 |
|
| hobane o itse: “Mohau wa ka o hlola kamehla yohle, botshepehi ba ka bo theilwe mahodimong. |
|
| 4 |
|
| “Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapanyeditse Davida, mohlanka wa ka, ka re: |
|
| 5 |
|
| Ke tla etsa hore leloko la hao le hlole kamehla yohle, ke tiise terone ya hao melokong yohle. ” |
|
| 6 |
|
| Morena, mahodimo a a boka, a boka dimakatso tsa hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi. |
|
| 7 |
|
| Ke mang, mahodimong, ya ka lekanngwang le Morena? Ke mang ya tshwanang le Morena, hara bara ba Modimo? |
|
| 8 |
|
| Phuthehong ya bahalaledi Modimo o tshajwa haholo, o hlomphuwa haholo ke bohle ba mo teetseng hare. |
|
| 9 |
|
| Morena, Modimo wa mabotho, ke mang ya kang wena? Morena, wena ya matla, botshepehi ba hao ke kobo ya hao. |
|
| 10 |
|
| Ke wena ya busang lewatle le befileng, ke wena ya kgutsisang maqhubu a bilohang. |
|
| 11 |
|
| Ke wena ya qhemeditseng Rahaba, wa moqhemetsa jwaloka setopo, ka tsoho la hao le matla o qhalakantse dira tsa hao. |
|
| 12 |
|
| Mahodimo ke a hao, le lefatshe ke la hao; lefatshe le tsohle tse ho lona ke wena ya di theileng. |
|
| 13 |
|
| Leboya le borwa ke wena ya di hlodileng, Tabore le Heremone di etsetsa lebitso la hao ditlatse. |
|
| 14 |
|
| O sefea, letsoho la hao le matla; letsoho la hao le letona le phahame. |
|
| 15 |
|
| Ho loka le toka ke motheo wa terone ya hao, mohau le botshepehi di o eteletse pele. |
|
| 16 |
|
| Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang ho etsa mehoo ya thabo, se tsamayang kganyeng ya sefahleho sa hao, Morena, |
|
| 17 |
|
| se thabelang lebitso la hao kamehla, se phahamiswang ka baka la ho loka ha hao. |
|
| 18 |
|
| Ke wena matla ao se ithorisang ka wona, o re tsosa molota ka ho rata ha hao. |
|
| 19 |
|
| Thebe ya rona ke ya Morena, kgosi ya rona ke ya Ya Halalelang wa Iseraele. |
|
| 20 |
|
| Wa na wa bua le batshepuwa ba hao, wa bua le bona ka pono, wa re: “Ke thusitse mohale, ka phahamisa ya kgethilweng, ya kgethilweng hara setjhaba. |
|
| 21 |
|
| Ke fumane Davida, mohlanka wa ka, ka mo tlotsa ka ole ya ka e halalelang. |
|
| 22 |
|
| Seatla sa ka se tla mo tshehetsa, letsoho la ka le mo matlafatse. |
|
| 23 |
|
| Ha ho sera se tla mo tsometsa, le ya kgopo a ke ke a mo hlola. |
|
| 24 |
|
| Ba mo lwantshang ke tla ba ripitla mahlong a hae, ke fenye ba mo hloileng. |
|
| 25 |
|
| Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, ka lebitso la ka o tla tsoha molota. |
|
| 26 |
|
| Ke tla namisa mmuso wa hae ho ya fihla Lewatleng, le puso ya hae ho ya fihla dinokeng. |
|
| 27 |
|
| O tla re ho nna: O ntate, wena Modimo wa ka, lefika le mpholosang. |
|
| 28 |
|
| Nna ke tla mo etsa letsibolo, a phahamele dikgosi tsohle, kgosi tsa lefatshe. |
|
| 29 |
|
| Ke tla mo hauhela kamehla, selekane sa rona le yena e tla ba se tiileng. |
|
| 30 |
|
| Ke tla etsa hore leloko la hae le hlole kamehla yohle, le terone ya hae e be teng ha mahodimo a ntse a le teng. |
|
| 31 |
|
| “Haeba bara ba hae ba furalla Molao wa ka, ba sa latele dikahlolo tsa ka; |
|
| 32 |
|
| ha ba tlola ditaelo tsa ka, ba sa boloke melao ya ka; |
|
| 33 |
|
| ke tla ba kgalemella ditlolo tsa bona, ke ba kgalemelle tsona ka thupa, le melato ya bona ka phafa. |
|
| 34 |
|
| Feela Davida nke ke ka mo amoha, ka mo amoha mohau wa ka, ka kweneha botshepehing ba ka. |
|
| 35 |
|
| Nke ke ka kwenehela selekane sa ka; seo ke se buileng nke ke ka se fetohela. |
|
| 36 |
|
| Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida. |
|
| 37 |
|
| Leloko la hae le tla hlola kamehla, terone ya hae e be teng ha letsatsi le ntse le le pela ka; |
|
| 38 |
|
| e hlole kamehla jwaloka kgwedi, paki eo e tshepahalang e mahodimong.” |
|
| 39 |
|
| Leha ho le jwalo, o halefetse motlotsuwa wa hao, wa mo lahla, wa mo nyedisa. |
|
| 40 |
|
| O hlakotse selekane sa hao le mohlanka wa hao, wa silafatsa mofapahlooho wa hae, wa o silafatsa leroleng. |
|
| 41 |
|
| O dihile metero yohle ya hae, metse ya hae e haheleditsweng wa e fetola masupi. |
|
| 42 |
|
| Bo-mofetakatsela bohle ba mo hapetse tsa hae, a fetoha sesomo ho bao a ahisaneng le bona. |
|
| 43 |
|
| O matlafaditse matsoho a ba mo lwantshang, wa thabisa dira tsohle tsa hae. |
|
| 44 |
|
| O thithibantse bohale ba sabole ya hae, wa se ke wa mo tshehetsa ntweng. |
|
| 45 |
|
| O mo amohile lere la puso, wa dihela terone ya hae fatshe. |
|
| 46 |
|
| O kgutsufaditse matsatsi, matsatsi a botjha ba hae, wa etsa hore a aparelwe ke dihlong. |
|
| 47 |
|
| Morena, o tla ipata ho fihlela neng? Kgalefo ya hao e tla tuka, e tuke jwaloka mollo ho fihlela neng? |
|
| 48 |
|
| Morena, ako hopole bokgutshwanyane ba bophelo, hopola hore batho bohle o ba bopetse lefeela. |
|
| 49 |
|
| Na motho o teng ya ka phelang, mme a se ke a shwa, ya ka itopollang matleng a Nqalo ya Bafu? |
|
| 50 |
|
| Morena, o kae mohau wa hao, mohau wa hao wa pele, oo ka botshepehi ba hao o o hlapanyeditseng Davida? |
|
| 51 |
|
| Ako hopole ho hlapaolwa ha bahlanka ba hao, Morena! Ke jere dinyediso tse ngata tsa ditjhaba ka sefubeng sa ka. |
|
| 52 |
|
| Morena, dira tsa hao di re hlapaotse, di setse motlotsuwa wa hao morao di ntse di mo hlapaola. |
|
| 53 |
|
| Ho bokwe Morena kamehla yohle! Amen. Amen. |
|
|
|
|