|
| 1 |
|
| Pesalema ya Davida. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka lentswe le lesesanyane. |
|
| 2 |
|
| Morena, ke o boka ka pelo ya ka yohle, ke bolela dimakatso tsohle tsa hao. |
|
| 3 |
|
| Ke a o thabela, ke nyakallela ho wena; ke roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo. |
|
| 4 |
|
| Dira tsa ka di tjhetjhile ka santhao, di kgopilwe, tsa timela ha o hlaha, |
|
| 5 |
|
| hobane o emetse nyewe ya ka le ditokelo tsa ka, o dutse teroneng ya hao o le moahlodi ya lokileng. |
|
| 6 |
|
| O kgalemetse ditjhaba, wa timetsa ba kgopo, mabitso a bona wa a hlakolela ruri. |
|
| 7 |
|
| Dira di ripitletswe ruri; metse ya tsona o e fetotse masupi, ha e sa tla hlola e hopolwa. |
|
| 8 |
|
| Empa Morena o busa kamehla, terone ya hae o e theetse ho ahlola. |
|
| 9 |
|
| O ahlola lefatshe ka toka, ditjhaba o di ahlola a se na leeme. |
|
| 10 |
|
| Morena e ke e be qhobosheane ya ba hatellwang, qhobosheane nakong ya matshwenyeho. |
|
| 11 |
|
| Ba tsebang lebitso la hao ba ke ba o tshepe, ba o tshepe hobane wena Morena, o ke ke wa furalla ba o batlang. |
|
| 12 |
|
| Rokang Morena ya busang Sione, phatlalatsang diketso tsa hae, le di phatlalatse hara ditjhaba, |
|
| 13 |
|
| hobane ya phetetsang madi o hopola bahlophehi, ha a lebale sello sa bona. |
|
| 14 |
|
| Nkgauhele Morena, tadima kamoo ke hlophehileng kateng, ke hlophehile ka baka la ba ntlhoileng, wena ya nnyolotseng kgorong ya motse wa bafu, |
|
| 15 |
|
| e le hore ke tle ke bolele dithoko tsa hao, ke di bolele kgorong ya motse wa Sione, mme ke nyakalle hobane o mpholositse. |
|
| 16 |
|
| Ditjhaba di wetse lemeneng leo di le tjhekileng, maoto a tsona a tshwasitswe ke leraba leo di le tjhehileng. |
|
| 17 |
|
| Morena o itsebahaditse, o phethahaditse kahlolo, ba kgopo ba kgatilwe ke mesebetsi, mesebetsi ya diatla tsa bona. |
|
| 18 |
|
| Ba kgopo ba ikela Nqalong ya Bafu: tjhaba tsohle tse sa reng letho ka Modimo. |
|
| 19 |
|
| Mafutsana a ke ke a leballwa ruri, tshepo ya bahlophehi e ke ke ya fetoha lefeela. |
|
| 20 |
|
| Thusa, Morena! Motho a se ke a kgantsha matla, ditjhaba di ahlolwe kapela hao. |
|
| 21 |
|
| Di kenye letswalo, Morena; ditjhaba di ke di tsebe hore e ntse e le batho feela. |
|
|
|
|