BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Ya phelang tshireletsong ya Ya Hodimodimo, ya ahileng moriting wa Ya Matla wohle, |
| 2 |
| o re ho Morena: “O setshabelo sa ka le qhobosheane ya ka, Modimo wa ka eo ke mo tshepang.” |
| 3 |
| Ke yena ya tla o tshwasolla lerabeng la setsomi, le lefung le timetsang la sewa. |
| 4 |
| O tla o kwahela ka masiba a hae, o tshabele tlasa mapheo a hae. Botshepehi ba hae ke thebe le thejana: |
| 5 |
| O ke ke wa tshaba ditshosa tsa bosiu, kapa metsu e bebang motsheare, |
| 6 |
| leha e le lefu la sewa le kgukgunang lefifing, leha e le koduwa e timetsang hara mpa ya motsheare. |
| 7 |
| Batho ba sekete ba ka wa, ba wa lehlakoreng la hao, le ba kete tse leshome ka letsohong la hao le letona; empa wena o ke ke wa hlahelwa ke letho. |
| 8 |
| O tla bona ka mahlo a hao ha ba kgopo ba putswa. |
| 9 |
| Kahobane o entse Morena setshabelo sa hao, mme Ya Hodimodimo o mo entse qhobosheane ya hao, |
| 10 |
| ha ho bobe bo ka o welang hodimo, ha ho kotlo e ka atamelang motlotlwane wa hao. |
| 11 |
| O tla laela mangeloi a hae, a o lebele ditseleng tsohle tsa hao. |
| 12 |
| A tla o kgakeletsa ka diatla tsa wona, esere leoto la hao la kgoptjwa ke lejwe. |
| 13 |
| O tla hata tau le marabe, o hatakele tawana le noha. |
| 14 |
| “Kaha o a nthata, ke tla mo lopolla,” ho rialo Morena, “ke mo sireletse, hobane o tseba lebitso la ka. |
| 15 |
| Ha a ipiletsa ho nna ke tla mo araba; matshwenyehong ke be le yena, ke mo lopolle, ke mo tlotlise. |
| 16 |
| Ke tla mo sitsa ka ditshiu tse telele, ke mmontshe ho pholosa ha ka.” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/091.mp3
150
91