×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 92

1
Pesalema. Sefela sa letsatsi la Sabatha.
2
Ke hantle ho boka Morena, ho roka lebitso la hao, wena Ya Hodimodimo,
3
ho bolela mohau wa hao e sa le hoseng, le botshepehi ba hao ka masiu wohle,
4
ka seletsa se dikgwele tse leshome, le ka harepa, le thomo e modumo o monate.
5
Wena Morena, o nthabisitse ka diketso tsa hao; mesebetsi ya diatla tsa hao ke e etsetsa ditlatse.
6
Morena, mesebetsi ya hao e meholo hakaakang! Mehopolo ya hao e tebile hakaakang!
7
Motho wa lewatla a ke ke a e tseba, sethoto se ke ke sa e utlwisisa.
8
Leha ba bolotsana ba mela, ba mela jwaloka jwang, mme bohle ba kgopo ba atleha, ba loketse ho timella ruri.
9
Empa wena Morena, o ya phahameng kamehla yohle.
10
Bona dira tsa hao, Morena, bona, dira tsa hao di a timela; bohle ba kgopo ba a qhalanngwa.
11
Empa nna o mmatlafaditse, wa mmatlafatsa jwaloka nare, wa ntlotsa ka ole e hlwekileng.
12
Ba ntaletseng ke ba tadima ka tello, ke utlwa diboko tsa ba kgopo ba ntsohelang matla.
13
Ya lokileng o a atleha, o atleha jwaloka sefate sa palema, o hola jwaloka sefate, fate sa kedare ya Lebanone.
14
Ba hlomilweng ka tlung ya Morena ba tla atleha mabaleng a Modimo wa rona.
15
Le boqhekung ba beha ditholwana, jwaloka difate tse nonneng, fate tse talana,
16
ho bontsha hore Morena o lokile, ke lefika la ka, ha ho na bobe ho yena.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha