|
| 1 |
|
| Morena, wena Modimo ya phetetsang, ako iponahatse, wena Modimo ya phetetsang. |
|
| 2 |
|
| Tsoha, wena moahlodi wa lefatshe, o nee baikgohomosi moputso wa bona. |
|
| 3 |
|
| Ba kgopo ba tla thaba ho fihlela neng? E tla ba ho fihlela neng, Morena? |
|
| 4 |
|
| Ba a hehla, ba bua ka boikakaso, bohle ba kgopo ba a ithorisa. |
|
| 5 |
|
| Morena, ba hatakela setjhaba sa hao, ba hatella bao e leng lefa la hao. |
|
| 6 |
|
| Ba fenetha mohlolohadi le mojaki, ba bolaya le dikgutsana. |
|
| 7 |
|
| Ba re: “Morena ha a bone, Modimo wa Jakobo ha a lemohe.” |
|
| 8 |
|
| Utlwisisang, lona setjhaba sa mawatla; dithoto ting! le tla hlalefa neng? |
|
| 9 |
|
| Na ya entseng tsebe a ke ke a utlwa? Ya bopileng leihlo na a ke ke a bona? |
|
| 10 |
|
| Na yena ya kgalemelang ditjhaba a ke ke a di otla, yena ya rutang batho bohlale? |
|
| 11 |
|
| Morena o tseba mehopolo ya motho, o a tseba hore ke lefeela. |
|
| 12 |
|
| Morena, ho lehlohonolo motho eo o mo kgalemelang, eo o mo rutang ka Molao wa hao, |
|
| 13 |
|
| hore o tle o mo kgatholle, o mo kgatholle matsatsing a mabe, ha ba kgopo bona ba tjhekelwa lemena. |
|
| 14 |
|
| Morena a ke ke a furalla tjhaba sa hae, a ke ke a lahla bao e leng lefa la hae. |
|
| 15 |
|
| Dikahlolo di tla boela di etswa ka toka, bohle ba pelo di ntle ba tla e latela. |
|
| 16 |
|
| Ke mang ya tla ntshireletsa ho ba kgopo? Ke mang ya tla mpuella ho ba bolotsana? |
|
| 17 |
|
| Hoja Morena a se ke a nthusa, nka be ke se ke robetse lebitleng. |
|
| 18 |
|
| Moo ke reng: “Leoto la ka le a thella,” mohau wa hao o a ntshehetsa, Morena. |
|
| 19 |
|
| Ha pelo ya ka e touta haholo, matshediso a hao a hlabolla moya wa ka. |
|
| 20 |
|
| Na o ka ba le kopano le baahlodi, baahlodi ba kgopo, ba fetolang bobe molao? |
|
| 21 |
|
| Ba ikopanya mmoho ho fedisa bophelo ba ya lokileng, ba ahlolela ya se nang molato lefu. |
|
| 22 |
|
| Empa Morena ke qhohosheane ya ka, Modimo wa ka ke lefika leo ke tshabelang ho lona. |
|
| 23 |
|
| O tla ba buseletsa bokgopo ba bona, a ba timetse ka baka la bobe ba bona. Morena Modimo wa rona, o tla ba timetsa. |
|
|
|
|