×

BIBELE Bible 1989

Lipesaleme 96

1
Binelang Morena sefela se setjha, lona ba lefatshe lohle le ke le binele Morena.
2
Binelang Morena, bokang lebitso la hae, ka letsatsi le letsatsi, phatlalatsang le phatlalatse tsa ho pholosa ha hae.
3
Bolelang tsa tlotla ya hae hara ditjhaba, le dimakatso tsa hae hara merabe yohle.
4
Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, o tshabeha ho feta medimo yohle.
5
Medimo yohle ya baditjhaba ke mafeelafelane, athe Morena ke yena ya entseng mahodimo.
6
O eteletswe pele ke tlotla le botlotlehi, matla le kganya di Sehalalelong sa hae.
7
Thoholetsang Morena, lona ditjhaba tsa mefutafuta, thoholetsang tlotla le matla a Morena.
8
Thoholetsang tlotla e lokelang lebitso la Morena, tloong mabaleng a hae, le mo nyehelle.
9
Kgumamelang Morena le kgabile ka tse halalelang, lefatshe lohle le thothomele, le thothomele kapele ho yena.
10
Ereng ho baditjhaba: “Morena ke kgosi, o tiisitse lefatshe, le ke ke la sisinyeha; o ahlola ditjhaba ka ho loka.”
11
Mahodimo a ke a thabe, lefatshe le nyakalle, lewatle le hwase le tsohle tse ka ho lona.
12
Naha e nyakalle le tsohle tse ho yona, difate tsa meru di etse ditlatse
13
kapele ho Morena, hobane o a tla, o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka nnete ya hae.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha