BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Morena ke kgosi; lefatshe le ke le nyakalle, dihlekehleke tse ngata di ke di thabe. |
| 2 |
| Maru a matshomatsho a mo teetse hare, ho loka le toka ke motheo, ke motheo wa terone ya hae. |
| 3 |
| Mollo o mo eteletseng pele o tjhesa dira tse mo potapotileng. |
| 4 |
| Mahadima a hae a bonesa lefatshe; lefatshe le a bona, mme le a thothomela. |
| 5 |
| Dithaba di qhibidiha jwaloka tshotso, jwaloka tshotso kapele ho Morena, e, kapele ho Morena wa lefatshe lohle. |
| 6 |
| Mahodimo a bolela ho loka ha hae, ditjhaba tsohle di bona tlotla ya hae. |
| 7 |
| Bohle ba sebeletsang ditshwantsho ba ke ba hlajwe ke dihlong, bao ba ithorisang ka mafeela; medimo yohle e ke e itihele e itihele maotong a hae. |
| 8 |
| Sione e utlwile, mme e a thaba, metse ya Juda e a nyakalla, ka baka la dikahlolo tsa hao, wena Morena. |
| 9 |
| Wena Morena ya hodimodimo, ya phahametseng lefatshe lohle, o feta medimo yohle hole. |
| 10 |
| Lona ba ratang Morena, hloyang bokgopo, o baballa bophelo ba batshepuwa ba hae, o ba namolela matsohong a ba kgopo. |
| 11 |
| Lesedi le tjhabela ya lokileng, thabo ke ya ba pelo di ntle. |
| 12 |
| Lona ba lokileng thabelang Morena, le boke lebitso la hae le halalelang. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/097.mp3
150
97