BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Pesalema. Binelang Morena sefela se setjha, hobane o entse dimakatso, o hlotse ka letsoho la hae le letona, letsoho la hae le halalelang. |
| 2 |
| Morena o bonahaditse ho pholosa ha hae, a bontsha ditjhaba ho loka ha hae. |
| 3 |
| O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae ho ba ntlo ya Iseraele. Dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone ho pholosa ha Modimo wa rona. |
| 4 |
| Lona ba lefatshe lohle etsetsang Morena mehoo ya thabo, le tsanyaole, le mo roke ka thabo. |
| 5 |
| Rokang Morena ka harepa, ka harepa le ka pina e monate, |
| 6 |
| ka diterompeta le ka modumo wa lenaka; etsetsang kgosi, Morena, mehoo le mo etsetse mehoo ya thabo. |
| 7 |
| Lewatle le ke le hwase le tsohle tse ka ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona. |
| 8 |
| Dinoka di ke di ope diatla, dithaba kaofela di etse ditlatse |
| 9 |
| kapele ho Morena, hobane o tlilo ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka toka, le ditjhaba ka ho loka. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/098.mp3
150
98