BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla. |
| 2 |
| Morena o moholo, Sione, o okametse ditjhaba tsohle. |
| 3 |
| Ho bokwe lebitso la hao le leholo, le a tshabeha, le a halalela. |
| 4 |
| O kgosi e matla, e ratang toka; ke wena ya theileng ho loka, wa tlisetsa leloko la Jakobo toka le ho loka. |
| 5 |
| Phafang Morena, Modimo wa rona, le itihele bonamelong ba maoto a hae: O a halalela. |
| 6 |
| Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae, Samuele e le e mong wa ba rapelang lebitso la hae. Ba ipiletsa ho Morena, mme a ba araba, |
| 7 |
| a bua le bona a le hara leru; ba boloka ditemoso tsa hae, le ditaelo tseo a ba fileng tsona. |
| 8 |
| Morena Modimo wa rona, o nnile wa ba araba, wa ba Modimo ya ba tshwarelang, ya mpang a ba otla ka baka la bokgopo ba bona. |
| 9 |
| Phafang Morena Modimo wa rona, le mo kgumamele thabeng, thabeng ya hae e halalelang; hobane Morena Modimo wa rona, o a halalela. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/psalms/099.mp3
150
99