Bolelele ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano, le bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mehlano; e be le mahlakore a mane a lekanang. Bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a robong. Manaka a yona a etswe ka thupa e le nngwe le aletare.
O e etsetse mefitshane e mmedi ya kgauta tlasa moqhaka wa yona; o e etse hodima dihuku tsa yona tse pedi, le hodima mahlakore a yona a mabedi. E tla ba moo ho kgweswang mefeng, hore aletare e tle e jarwe ka yona.
O tla bea aletare kapele ho lesira le siretseng areka ya selekane, kapele ho sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka eo, moo ke tla kopana le wena teng.
O se ke wa tjhesetsa mokubetso osele ho yona, leha e le sehlabelo sa setjheso, kapa nyehelo ya dijo; le nyehelo ya dino e se ke ya tshelwa hodima aletare eo.
Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.”
“Ha o bala bana ba Iseraele hore ba tle ba ngodiswe, motho ka mong wa bona a ntshetse Morena seabo se lopollang bophelo ba hae, hore a se ke a welwa ke sewa ha ba ntse ba ngodiswa.
Ba tla fana ka hona: bohle ba fetelang sehlopheng sa ba seng ba ngodisitswe, ba tla ntsha silefera e etsang boima ba dikeramo tse hlano le halofo motho ka mong, ho ya kamoo e balwang kateng Sehalalelong. Digera tse mashome a mabedi ke dikeramo tse leshome le motso o mong; jwale dikeramo tse hlano le halofo e tla ba seabo se ntshetswang Morena.
Ha le ntshetsa Morena seabo se lopollang bophelo ba lona, morui a se ke a ntsha ho feta dikeramo tse hlano le halofo, le mofutsana a se ke a ntsha katlase ho dikeramo tse hlano le halofo.
O tla bokella tjhelete ena ya topolla ya bophelo, e ntshwang ke bana ba Iseraele, mme o e sebedise mererong ya Tente ya Morena; e tla ba eo Morena a tla hopola bana ba Iseraele ka yona, mme a lopolle bophelo ba lona.”
“o tla etsa sekotlolo sa lethose, sa ho itlhatswetsa, le sedulwana sa sona e be sa lethose; e be sekotlolo seo ho tla itlhatswetswa ho sona. O tla se bea pakeng tsa Tente ya Morena le aletare, mme o tshele metsi ka ho sona.
Ha ba kena ka Tenteng ya Morena, ba hlape ka metsi ana, hore ba se ke ba eshwa. Leha ba atamela aletareng ho ya sebeletsa, ba etsetsa Morena sehlabelo sa setjheso,
ba hatlele, ba hlatswe le maoto a bona, hore ba se ke ba eshwa. Molao ona e tla ba wa mehla yohle, ho Arone le ho ditloholo tsa hae, ho isa melokong yohle e tlang.”
“Wena o inkele dinoko tse monate ka ho fetisisa: mira o metsi, oo boima ba wona e leng dikilo tse tsheletseng; le sinamone e nkgang hamonate, eo boima ba yona e leng halofo ya boima ba mmira oo, ke ho re dikilo tse tharo; le lehlaka le monko o monate, leo boima ba lona e leng dikilo tse tharo;
le kasia eo boima ba yona e leng dikilo tse tsheletseng, tse lekantsweng ka tekanyo e sebediswang ka Sehalalelong; le dilethara tse nne tsa ole ya sefate sa mohlwaare.
Morena a re ho Moshe: “Inkele dinoko tsena tse monko o monate ka ditekanyo tse lekanang: setoraka, le dikgetla tse monko o monate, le kalabanumu e monko o monate, le mokubetso o hlwekileng.
Ka tsona o tle o etse mokubetso o tswakilweng jwaloka setlolo se tswakilweng ke setsebi sa ditlolo; o nokilweng ka letswai le hlwekileng, o halalelang.
O mong wa wona o o sile, o thumisehe; o o bee kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, ka Tenteng ya Morena, moo ke kopanang le wena teng. Ho lona mokubetso oo o tla halalela ka ho fetisisa.