“Jwale Besalele, le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya ho tseba ho etsa mesebetsi yohle ya Sehalalelo, ba tla sebetsa, ba etse mesebetsi eo, ho latela tsohle tseo Morena a di laetseng.”
Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse.
Ba amohela dimpho tsohle ho Moshe, tseo bana ba Iseraele ba di tliseditseng mosebetsi wa hore ho hahwe Sehalalelo ka tsona. Ba nna ba tlisa dimpho tsa boithaopo ho yena hoseng ho hong le ho hong.
Jwale Moshe a laela hore ho hlajwe mokgosi diahelong, ho thwe: “Banna le basadi ba se ke ba hlola ba tlisa dimpho tsa mosebetsi wa Sehalalelo.” Yaba setjhaba se kgaotsa ho tlisa dimpho.
Banna bohle ba bohlale hara basebetsi ba etsa Leaho ka masira a leshome, a lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu, mme sehomi sa setsebi sa homa ditshwantsho tsa dikerubime ho wona.
Bolelele ba lesira ka leng e ne e le dimethara tse leshome le metso e mmedi, bophara ba lesira ka leng e le dimethara tse pedi, mme masira wohle a ne a lekana.
Ba etsa dikgoketsane ka lesela le leputswa ntlheng ya lesira la pele, moo masira a kopanang teng, mme ba etsa jwalo le ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a kopanang teng.
Ba etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano lesireng la pele; ba etsa hape dikgoketsane tse ding tse mashome a mahlano ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a kopanang teng. Dikgoketsane di ne di tobane.
Bolelele ba lesela ka leng e ne e le dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e le dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a ne a lekana.
Ba etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la pele, moo masela a kopanang teng; le dikgoketsane tse mashome a mahlano ntlheng ya lesela la bobedi, moo masela a kopanang teng.
Bolelele ba thupa ka nngwe e ne e le dimethara tse nne, mme bophara ba thupa ka nngwe e ne e le disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.
Ba etsetsa ditshiya tseo tse mashome a mabedi ditshehetso tsa silefera tse nang le mekotjana, tse mashome a mane. Ho ne ho ena le ditshehetso tse pedi katlasa tshiya e nngwe le e nngwe, moo dimapo tse pedi tsa yona di kenang teng.
le a mang a mahlano a ba kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le leng la Leaho, mme a mang a mahlano hape a ba kahodima ditshiya tse ka lehlakoreng le kamorao la Leaho, ka nqeng ya bophirimela.
Ba etsa lesira ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; le entsweng ke setsebi, le homilweng ditshwantsho tsa dikerubime.
Ba le etsetsa ditshiya tse nne ka dithupa tsa sefate sa mositsane, tse manehilweng kgauta. Di ne di ena le dihokelo tsa kgauta. Ba di etsetsa ditshehetso tse nne tsa silefera.
Ba etsa le ditshiya tsa lona tse hlano, le dihokelo tsa tsona. Ba maneha kgauta hodima dihlooho tsa tsona, le hodima dithupa tse di kopanyang. Ditshehetso tsa tsona tse hlano ya eba tsa lethose.