|
| 1 |
|
| Ya ratang ho lauwa o rata tsebo, ya hloileng ho kgalengwa ke phoofolo ya naha; |
|
| 2 |
|
| ya lokileng Morena o a mo hauhela, ya merero e mebe yena o a mo ahlola. |
|
| 3 |
|
| Bokgopo ha bo ke be bo bope motho, ba lokileng bona ba ke ke ba sisinngwa. |
|
| 4 |
|
| Mosadi ya lokileng ke moqhaka ho monna wa hae, ya hlabisang dihlong yena ke mofetshe, ke mofetshe o jang monna hae masapo. |
|
| 5 |
|
| Merero ya ya lokileng e nepahetse, keletso tsa ya kgopo di tletse thetso. |
|
| 6 |
|
| Polelo tsa ya kgopo ke maraba a ho bolaya, empa tsa ya lokileng tsona di a pholosa. |
|
| 7 |
|
| Ho hlolwa ha ba kgopo ke ho fela ha bona, athe lapa la ya lokileng lona le tiya kamehla. |
|
| 8 |
|
| Motho o babatswa ka baka la bohlale ba hae, empa ya pelo e kgopo yena o a nyediswa. |
|
| 9 |
|
| Ho molemo ho nyatswa o ena le kgoba le le leng, ho ena le ho hlomphuwa o bolawa ke tlala. |
|
| 10 |
|
| Ya lokileng o baballa phoofolo ya hae, mohau wa ya kgopo o kwetlile sehloho. |
|
| 11 |
|
| Ya lemang masimo a hae o tla tjhaya haholo, ya pheellang mafeela yena o hloka kelello. |
|
| 12 |
|
| Ya kgopo o labalabela qhoqha ya mahahapa, empa ya lokileng yena o a atleha. |
|
| 13 |
|
| Motho ya kgopo puo tse mpe tsa hae di a mo kgata, empa ya lokileng yena o phema tsietsi. |
|
| 14 |
|
| Motho e mong o atlehiswa ke dipuo tsa hae, athe e mong o putswa ho ya ka mesebetsi ya hae. |
|
| 15 |
|
| Tsela ya sethoto e bonahala e lokile ho sona, empa ya bohlale o amohela keletso. |
|
| 16 |
|
| Sethoto se sitwa ho itshwara ha se halefa, empa ya bohlale o iphapanyetsa dikgopiso. |
|
| 17 |
|
| Paki ya sebele e bua nnete eo e e tsebang, empa ya bohata yona e bua leshano. |
|
| 18 |
|
| Polelo tsa ya phasolohang di hlaba jwaloka sabole, leleme la ya bohlale lona le a fodisa. |
|
| 19 |
|
| Polelo tsa nnete di hlola kamehla, athe leshano ha le na mokoka. |
|
| 20 |
|
| Pelong tsa ba rerang bobe ho tletse thetso, empa tsa ba rerang kgotso tsona di tletse thabo. |
|
| 21 |
|
| Ba lokileng ba ke ke ba hlahelwa ke ditsietsi, empa ba kgopo ba tla aparelwa ke bobe. |
|
| 22 |
|
| Morena o hloile motho ya buang leshano, empa ya buang nnete yena o a mo thabisa. |
|
| 23 |
|
| Mohlalefi ha a boledisake tsebo ya hae, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona. |
|
| 24 |
|
| Ya sebetsang ka thata ke yena ya tla busa, empa sekgoba sona se tla fetoha lekgoba. |
|
| 25 |
|
| Ho feha matshwafo ho nyahamisa pelo ya motho, polelo e monate yona e a e thoba. |
|
| 26 |
|
| Ya lokileng ke mohlala ho ba ahisaneng le yena, ba kgopo ba tsamaya tseleng e kgelosang. |
|
| 27 |
|
| Sekgoba se kgutla tsholong se itlhophere, athe tjhai ya sehwai e sasamatsa disiu. |
|
| 28 |
|
| Tsela tse lokileng di isa bophelong, di kutlehile hantle, ha di ise timelong. |
|
|
|
|