|
| 1 |
|
| Mora ya bohlale o mamela thuto ya ntatae, empa moikakasi ha a natse kgalemo. |
|
| 2 |
|
| Motho o kgola tholwana tse monate, tholwana tsa dipuo tsa hae, ya sa tshepahaleng yena o lapetse mahahapa. |
|
| 3 |
|
| Ya tshwarang leme la hae o baballa bophelo ba hae, ya phasolohang feela yena o tla timela, |
|
| 4 |
|
| Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle. |
|
| 5 |
|
| Motho ya lokileng o hloile leshano, ya kgopo ha a na dihlong, o a swabisa. |
|
| 6 |
|
| Toka e sireletsa ya lokileng, bokgopo bona bo kudupanya baetsadibe. |
|
| 7 |
|
| E mong o iketsa morui, a se na letho, e mong a iketse mofutsana, a hafa ka nkatana. |
|
| 8 |
|
| Bophelo ba motho bo ka lopollwa ka maruo a hae, mofumanehi yena ha a ke a sokelwa ke motho. |
|
| 9 |
|
| Lebone la ya lokileng le tuka haholo, empa bone la ya kgopo lona le tla tingwa. |
|
| 10 |
|
| Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso. |
|
| 11 |
|
| Maruo a bolotsana a tla fela hang, a kolletswang kahanyane wona a a eketseha. |
|
| 12 |
|
| Tshepo e sa phethahaleng e nyahamisa pelo, takatso tse phethahatswang di ka fate sa bophelo. |
|
| 13 |
|
| Ya nyefolang dikeletso o tla timela, ya bolokang molao o tla amohela moputso. |
|
| 14 |
|
| Thuto ya ya bohlale ke sediba sa bophelo, e phemisa motho maraba a lefu. |
|
| 15 |
|
| Kelello e tjhatsi ho bohle e a kgahleha, tsela ya ba sa tshepahaleng e isa timelong. |
|
| 16 |
|
| Motho ya bohlale o sebetsa ka kelello, sethoto sona se pepesa bothoto ba sona. |
|
| 17 |
|
| Leqosa le kgopo le welwa ke ditsietsi, moromuwa ya tshepahalang o tlisa tse molemo. |
|
| 18 |
|
| Bofuma le dihlong di wela ya hanang kgalemo, tlotla e aparela ya sa haneng ho nyatsuwa. |
|
| 19 |
|
| Se labalabelwang ha se fihletswe se a thabisa, dithoto tsona ha di rate ho tela bobe. |
|
| 20 |
|
| Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala. |
|
| 21 |
|
| Bobe bo salama baetsadibe, ba lokileng bona ba putswa ka tse molemo. |
|
| 22 |
|
| Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng. |
|
| 23 |
|
| Masimong a mofutsana tjhai e ba ngata, ba hlokang toka bona ba a e fedisa. |
|
| 24 |
|
| Motho ya sa shapeng mora hae o mo hloile, athe ya ratang mora hae yena o a mo kgalema. |
|
| 25 |
|
| Ya lokileng o a ja, a ikgotsofatse, empa ya kgopo yena o ngongorehela dijo. |
|
|
|
|