|
| 1 |
|
| Pelo ya motho e rera merero, tseo a di buang di laolwa ke Morena. |
|
| 2 |
|
| Ketso tsa motho di tadimeha di lokile ho yena, empa Morena o lekola sepheo sa hae. |
|
| 3 |
|
| Bea mesebetsi ya hao atleng tsa Morena, mme merero ya hao e tla phethahala. |
|
| 4 |
|
| Tsohle Morena o di entse ka morero wa hae, le ya kgopo tsatsi la ditlokotsi le mo emetse. |
|
| 5 |
|
| Motho ya ikgantshang, Morena o a mo nyonya, ya jwalo Morena o tla mo ahlola. |
|
| 6 |
|
| Sebe se hlakolwa ke lerato le botshepehi; ya tshabang Morena bobe o tla bo phema. |
|
| 7 |
|
| Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae. |
|
| 8 |
|
| Sejosenyane se molemo ha se fumanwe ka toka, ho ena le maruo a fumanwang ka bolotsana. |
|
| 9 |
|
| Motho o itherela tsela ya hae, empa ke Morena ya mo tataisang. |
|
| 10 |
|
| Diqeto tsa kgosi di tswa ho Modimo, ha e ahlola e ahlola ka toka. |
|
| 11 |
|
| Tekanyo tse nepahetseng ke tsa Morena, majwe a supang boima a entswe ke yena. |
|
| 12 |
|
| Kgosi di nyatsa ketso tse manyala ho loka hona ho tsitsisa mmuso. |
|
| 13 |
|
| Molomo o buang tse lokileng o thabisa dikgosi, dikgosi di rata motho ya buang nnete. |
|
| 14 |
|
| Kgalefo ya kgosi e tshwana le ya tlisang pehi, empa ya bohlale o kokobetsa kgalefo. |
|
| 15 |
|
| Ho thaba ha kgosi ho a phedisa, mohau wa yona o ka leru la pula selemo. |
|
| 16 |
|
| Ho fumana bohlale ho molemo ho feta kgauta, ho fumana kutlwisiso ho molemo ho feta silefera. |
|
| 17 |
|
| Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae. |
|
| 18 |
|
| Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele. |
|
| 19 |
|
| Ho molemo ho ikokobetsa o le hara mafutsana, ho ena le ho arolelana kgapo le baikgohomosi. |
|
| 20 |
|
| Ya elang ditaelo hloko o a atleha, ya tshepang Morena o a hlohonolofala. |
|
| 21 |
|
| Ya bohlale ho thwe o na le kutlwisiso, polelo tse monate tsona di a kgodisa, |
|
| 22 |
|
| Bohlale ke diba sa bophelo ho ya nang le bona, ho ruta dithoto ke ho itshenyetsa nako. |
|
| 23 |
|
| Ya bohlale o hlalefiswa ke pelo ya hae, le seo a tla se bua o se rutwa ke yona. |
|
| 24 |
|
| Polelo tse monate di ka mahe a dinotshi, moyeng di a hlabosa, di matlafatse mmele. |
|
| 25 |
|
| Tsela e teng e bonahalang e lokile ho monga yona, empa e qetella ka ho isa lefung. |
|
| 26 |
|
| Sekgothadi se a itshebeletsa, se itshebeletsa ka thata, hobane se lakatsa ho ikgotsofatsa. |
|
| 27 |
|
| Senokwane se rera bobe, molomong wa sona ho tswa tse tjhesang sa malakabe. |
|
| 28 |
|
| Motho ya kgopo o duka kgotso, mosebi yena o qabanya metswalle, metswalle ya hlooho ya kgomo. |
|
| 29 |
|
| Motho ya dikgoka o hohela ya ahisaneng le yena, a mo tsamaise tseleng tse sa lokang, |
|
| 30 |
|
| Ya robang leihlo o rera bokgopo, ya petlang melomo bobe o sa bo entse. |
|
| 31 |
|
| Moriri o moputswa ke mofapahlooho o kgabane, o fumanwa ke ya phelang ka ho loka. |
|
| 32 |
|
| Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse. |
|
| 33 |
|
| Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena. |
|
|
|
|