|
| 1 |
|
| Ho molemo ho itjella dikokotwana, ho itjella tsona ka kgotso, ho ena le ho phela tlung e nang le kgora le diqabang. |
|
| 2 |
|
| Mohlanka ya masene a ka busa mora, a busa mora ya sethoto wa monga hae, a arolelwa lefa jwaloka bana ba monga hae. |
|
| 3 |
|
| Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona e hlwekiswa ka sebopi sa yona; athe dipelo tsona di hlahlojwa ke Morena. |
|
| 4 |
|
| Ya etsang bokgopo o mamela polelo tsa leshano, ya leshano yena o mamela tsa bokgopo. |
|
| 5 |
|
| Ya somang mafutsana o soma Mmopi wa hae, ya thabelang tsietsi tsa e mong yena o tla otlwa. |
|
| 6 |
|
| Ditloholwana ke mofapahlooho, mofapahlooho a boraputswe, bana ba ithaba ka batswadi ba bona. |
|
| 7 |
|
| Sethoto ha se lokelwe ke puo tsa bokgeleke, puo ya leshano ha e lokele kgosana. |
|
| 8 |
|
| Tjotjo ke hakwe la bohlokwa, ke la bohlokwa ho mo-e-fani, e mo atlehisa ho tsohle tseo a di etsang. |
|
| 9 |
|
| Ya lalang diphoso ka mmele o qeka ho ratwa, athe ya di pepesang yena o senya setswalle. |
|
| 10 |
|
| Ya bohlale o phakisa ho amohela kgalemo, thoto ha se shapuwa halekgolo ha se mamele. |
|
| 11 |
|
| Motho ya kgopo o thabela meferefere, ya jwalo o romellwa leqosa, leqosa le sehloho. |
|
| 12 |
|
| Ho molemo ho kopana le bere e tshehadi, bere e nketsweng madinyane a yona, ho ena le ho kopana le sethoto se poqang bothotong ba sona. |
|
| 13 |
|
| Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae. |
|
| 14 |
|
| Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela. |
|
| 15 |
|
| Ya lokollang ya kgopo le ya ahlolang ya lokileng, bobedi ba bona ke manyala ho Morena. |
|
| 16 |
|
| Thuso ke efe, ya ho nea sethoto tjhelete athe ha se na kutlwisiso ya ho reka bohlale? |
|
| 17 |
|
| Motswalle o na le lerato kamehla, ngwanabo motho o tswaletswe ho thusa, ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi. |
|
| 18 |
|
| Ya hlokang kelello o itlama ka ditshepiso, o itlama ho lefa melato ya ba bang. |
|
| 19 |
|
| Ya ratang diphapang o rata sebe, ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo. |
|
| 20 |
|
| Motho ya pelo e kgopo ha a atlehe; ya leme le tletseng thetso o tla timela. |
|
| 21 |
|
| Ya tswalang sethoto o itswalla ditsietsi, ntata sethoto o hloka thabo. |
|
| 22 |
|
| Pelo e thabileng e tseba ho fodisa, empa moya o hlorileng o tepeletsa mmele. |
|
| 23 |
|
| Motho ya kgopo o amohela tjotjo sephiring, ka yona o kgopamisa ditsela tsa toka. |
|
| 24 |
|
| Bohlale bo mahlong a ya masene, mahlo a sethoto wona a thalatsa kahohle. |
|
| 25 |
|
| Mora ya sethoto o tlisa masisapelo ho ntatae, bohloko ba pelo ya mmae bo baba seka leshokgwa. |
|
| 26 |
|
| Ke phoso ho ahlola motho a se na molato, kapa ho otlela mahosana ho loka ha wona. |
|
| 27 |
|
| Ya nang le tsebo o tswara leme la hae, ya nang le kutlwisiso ha a ke a halefa. |
|
| 28 |
|
| Sethoto ha se kgutsitse ho thwe se hlalefile, se na le kutlwisiso ha se tshwara leme la sona. |
|
|
|
|