|
| 1 |
|
| Mora wa ka, ha o ka mamela polelo tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka; |
|
| 2 |
|
| wa sekehela bohlale tsebe, pelo ya hao ya labalabela ho ba le kutlwisiso; |
|
| 3 |
|
| ha o ka ipiletsa hore o be sedi, wa kopa hore o be le kutlwisiso; |
|
| 4 |
|
| ha o ka e batla sa hoja o batla silefera, wa e batla sa tlotlo e le patuwe; |
|
| 5 |
|
| kutlwisiso ya ho tshaba Morena o tla e fihlela, ho tseba Modimo le hona o ho fumane. |
|
| 6 |
|
| Ke Morena ya fanang ka bohlale, tsebo le kutlwisiso di tswa ho yena. |
|
| 7 |
|
| O hlokomela metsamao ya ba lokileng, ke thebe ho ba hlokang kodi. |
|
| 8 |
|
| O baballa ba lokileng tseleng tsa bona, batshepuwa ba hae a ba sireletse. |
|
| 9 |
|
| O tla utlwisisa ho loka, ho tshepeha, le ho nepahetseng, o utlwisise le ditsela tsohle, tsela tsohle, tse lokileng; |
|
| 10 |
|
| hobane bohlale bo tla kena pelong ya hao, tsebo e be boithabiso, boithabiso ba pelo ya hao. |
|
| 11 |
|
| O tla baballwa ke ho ba le kelello, kutlwisiso e o sireletse, |
|
| 12 |
|
| e o pholose tseleng tse kgopo, e o phemise ba buang tse mpe, |
|
| 13 |
|
| ba lahlang tsela tse lokileng, ba tsamayang tseleng tse lefifi. |
|
| 14 |
|
| Bona ba thabela ho etsa bobe, ba thabela bokgopo ba ba kgopo, |
|
| 15 |
|
| bao tsela tsa bona di kgopameng, metsamao ya bona e kgelohileng. |
|
| 16 |
|
| O tla phemiswa mosadi wa sehlola, mosadi ya ekang ka dipolelo, |
|
| 17 |
|
| ya sa tshepahaleng ho monna wa hae, ya lebalang selekane sa Modimo wa hae. |
|
| 18 |
|
| Lapa la hae le kgannela lefung, tsela tsa hae di isa ho ba shweleng. |
|
| 19 |
|
| Ba kenang lapeng leo ha ba ke ba kgutla, le tsela ya bophelo ha ba e fumane. |
|
| 20 |
|
| Kahoo o tla tsamaya tseleng ya ba lokileng, o tsamaye tseleng ya ba hlokang kodi. |
|
| 21 |
|
| Ba lokileng ba tla phela lefatsheng, ba hlokang kodi ba ahe ho lona. |
|
| 22 |
|
| Ba kgopo ba tla fediswa lefatsheng, mahlabaphiyo a timetswe ho lona. |
|
|
|
|