|
| 1 |
|
| Veine ke moikakasi, jwala bo baka lerata, ya kgeloswang ke tsona o hloka bohlale. |
|
| 2 |
|
| Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing. |
|
| 3 |
|
| Ke tlotla ho kgaohana le diqabang, sethoto sona ke maratahelele! |
|
| 4 |
|
| Sekgoba ha se ke se lema ka nako ya teng, ha ho kotulwa se a kopa, ha se fumane letho. |
|
| 5 |
|
| Pelong ya motho merero e ka metsi a bodiba, ya nang le kutlwisiso yena o a e fihlela. |
|
| 6 |
|
| Motho ka mong o ithorisa ka molemo wa hae, ya tshepahalang yena a ka fumanwa ke mang? |
|
| 7 |
|
| Metsamao ya ya lokileng ha e na kodi, bana ba hae ba tla hlohonolofala. |
|
| 8 |
|
| Kgosi ha e dutse tulong sa yona sa kahlolo, ka mahlo a yona e tsheka bobe bohle. |
|
| 9 |
|
| Ke mang ya ka reng: “Ke hlwekisitse pelo ya ka, nna ke hlwekile ha ke na sebe?” |
|
| 10 |
|
| Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng, esita le boima bo sa lekaneng, bobedi ke manyala, ke manyala mahlong a Morena. |
|
| 11 |
|
| Ngwana o tsejwa ka ketso tsa hae, e ka ba tse ntle, e ka ba tse lokileng. |
|
| 12 |
|
| Tsebe e mamelang le leihlo le bonang, bobedi ba tsona di entswe ke Morena. |
|
| 13 |
|
| Se rate boroko, esere wa futsaneha; se robale, o tlo atelwe ke tjhai. |
|
| 14 |
|
| “Ha e a loka! Ha e a loka!” ho rialo moreki. Ha a furalla a tsamaye a ithorisa. |
|
| 15 |
|
| Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa. |
|
| 16 |
|
| Ya itlamang ka molato wa e mong, o mo nkele kobo ya hae, o e bee paneng ha a itlamme ka molato wa motho eo. |
|
| 17 |
|
| Dijo tse fumanweng ka bolotsana di monate ho motho, empa hamorao molomo wa hae o tlala lehlohlojane. |
|
| 18 |
|
| Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso. |
|
| 19 |
|
| Ya ratang ditshebo o hlahatsa makunutu, motho wa lehehle eka kgona o mo kwekwetle. |
|
| 20 |
|
| Haeba motho a rohaka ntatae kapa mmae, bone la hae le tla tingwa hoja ho le lefifi. |
|
| 21 |
|
| Leruo le bokellwang ka potlako sethathong, qetellong le ke ke la hlohonolofatswa. |
|
| 22 |
|
| Se ke wa re: “Bobe ke tla bo phetetsa ka bobe!” Lebella Morena, o tla o namolela. |
|
| 23 |
|
| Tekanyo tse pedi tse sa lekaneng ke manyala mahlong a Morena; dikala tsa bolotsana le tsona ha di mo thabise. |
|
| 24 |
|
| Mehato ya motho e laolwa ke Morena, ebe jwale motho tsela a ka e tseba jwang? |
|
| 25 |
|
| Ho abela Morena mpho ka potlako ke leraba ho motho, ebe hamorao o ipelaetsa ka boitlamo ba hae. |
|
| 26 |
|
| Kgosi e bohlale e hlokola ba kgopo, e ba ahlole e se na kutlwelobohloko. |
|
| 27 |
|
| Bone la Morena ke wona moya wa motho, le bonesa bokahare ba pelo ya motho. |
|
| 28 |
|
| Kgosi e sireletswa ke lerato le botshepehi terone ya yona e tsitsiswa ke lerato. |
|
| 29 |
|
| Tlotla ya batjha ke matla a bona, moriri o moputswa ke bokgabane ba maqheku. |
|
| 30 |
|
| Mehwabadi ke yona pheko ya bokgopo, meupa e hlwekisa bokahare ba pelo. |
|
|
|
|