|
| 1 |
|
| Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana. |
|
| 2 |
|
| Motho o bona tsela tsohle tsa hae, o di bona di nepahetse, empa Morena ke yena ya lekolang pelo. |
|
| 3 |
|
| Ho etsa ho lokileng le ho phetha toka ho amoheleha ho Morena ho feta sehlabelo. |
|
| 4 |
|
| Fahleho se hwapileng le pelo e ikgohomosang, e leng lebone la ba kgopo, ke sebe! |
|
| 5 |
|
| Merero ya ya mafolofolo e mo tlisetsa nala, lepotlapotla lona le ikisa bofumeng. |
|
| 6 |
|
| Tlotlo le fumanwang ka ho bua leshano ke mouwane o fetang, le leraba la lefu, |
|
| 7 |
|
| Dikgoka tsa ba kgopo di tla ba timetsa, hoba ba hana ho etsa ho lokileng. |
|
| 8 |
|
| Tsela ya ba molato e matswedintsweke, boitshwaro ba ba hlokang kodi bo otlolohile. |
|
| 9 |
|
| Ho molemo ho iphelela sekgutlwaneng, kahodima marulelo a ntlo, ho ena le ho phela le mmadikomang, ho phela le yena ka tlung e le nngwe. |
|
| 10 |
|
| Motho ya kgopo o labalabela bobe, ha a qenehele ya ahisaneng le yena. |
|
| 11 |
|
| Ha mosomi a otlwa, ya se nang tsebo o a hlalefa; ha ya bohlale a rutwa, yena o fumana tsebo. |
|
| 12 |
|
| Modimo ya lokileng o hlahloba lapa la ya kgopo, o timetsa ya kgopo ka baka la bokgopo ba hae. |
|
| 13 |
|
| Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa. |
|
| 14 |
|
| Mpho ya lekunutu e thethefatsa bohale, tjotjo e kgwaetsweng ka kobong, e kokobetsa kgalefo e tlokomang. |
|
| 15 |
|
| Ha ho sebetswa ka toka ba lokileng ba a thaba, athe ba kgopo bona ba tlalwa ke tshabo. |
|
| 16 |
|
| Ya kgelohang tsela ya kutlwisiso pheletso ya hae ke ho phomola hara bafu. |
|
| 17 |
|
| Ya hlanyetsang menyaka o tla fumaneha, ya ratang veine le dimenyemenye ha a ka ke a rua. |
|
| 18 |
|
| Ya kgopo o rekiswa bakeng sa ya lokileng, ya sa tshepahaleng yena bakeng sa ya kgabane. |
|
| 19 |
|
| Ho molemo ho iphelela hara lehwatata, ho ena le ho phela le nkwapo, mmadikomang. |
|
| 20 |
|
| Lapeng la ya bohlale ho tletse menono, le maruo, athe sethoto sona se hafaka se sa qenehele. |
|
| 21 |
|
| Ya thahasellang ho loka le lerato o tla fumana bophelo le toka le tlotla. |
|
| 22 |
|
| Ya bohlale o hlasela qhobosheane ya bahale, a heletse marako ao ba a tshepileng. |
|
| 23 |
|
| Ya kwalang molomo, a tshwara leme la hae, o iphemisa hore a se kene ditsietsing. |
|
| 24 |
|
| Moikgohomosi ya mabefi o bitswa “mosomi”, boikakaso ba hae ha bo na tekanyo. |
|
| 25 |
|
| Takatso ya sekgoba ke lefu ho sona, se leqe ho sebetsa, ho sebetsa ka matsoho a sona; |
|
| 26 |
|
| se qeta letsatsi se lakatsa, se sa fumane, empa ya lokileng o fana a sa kganane. |
|
| 27 |
|
| Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe. |
|
| 28 |
|
| Paki ya leshano e tla timela, polelo tsa ya qalang ka ho mamela di a amoheleha. |
|
| 29 |
|
| Ya kgopo o sosobanya sefahleho, ya lokileng o hlokomela metsamao ya hae. |
|
| 30 |
|
| Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate. |
|
| 31 |
|
| Pere e kwetlisetswa tsatsi la ntwa, empa tlholo yona ke ya Morena. |
|
|
|
|