×

BIBELE Bible 1989

Liproverbia 22

1
Bitso le letle le molemo ho feta maruo a mangata, ho hlompheha ho molemo ho feta silefera kapa kgauta.
2
Morui le mofutsana ba tshwana ka sena: Bobedi ba bona ba bopilwe ke Morena.
3
Motho ya sedi o bona kotsi, a e balehe; ya se nang tsebo o hahamalla pele, a be a yo wela.
4
Boikokobetso le ho tshaba Morena di tlisa leruo le tlotla le bophelo.
5
Meutlwa le maraba di tseleng ya ya kgopo, empa ya ipaballang yena o tla di qoba.
6
Ruta ngwana tsela ya ho phela, ha a hodile a ke ke be a fapoha.
7
Barui ba laola mafutsana; moadimuwa o fetoha kgoba la moadimi.
8
Ya jalang bokgopo o kotula ditsietsi, kgalefo ya hae e ke ke ya mo thusa ka letho.
9
Motho ya fanang a thabile o tla hlohonolofatswa, hobane yena o fepa mafutsana.
10
Leleka mosomi mme qabang di tla fela, diphapang le mahlapa le tsona di kgaotse.
11
Ya ratang pelo e hlwekileng, eo polelo tsa hae di tletseng mohau, kgosi e tla ba motswalle wa hae.
12
Mahlo a Morena a fadimehela tsebo, empa o nyopisa polelo tsa ya sa tshepahaleng.
13
Sekgoba se re: “Tau ke ena kantle!” kapa se re: “Ke tla bolaelwa diterateng!”
14
Molomo wa sehlola ke lemena le tebileng; ya halefetsweng ke Morena o tla wela ka ho lona.
15
Bothoto bo tlameletswe ka pelong ya ngwana, empa thupa ya tayo e tla bo falatsa ka ho yena.
16
Ya tlatlapang mofutsana ho ikekeletsa leruo, a bile a etsetsa barui dimpho, o tla futsaneha.
17
Thea tsebe o mamele polelo tsa ba bohlale, o ele hloko ho ithuta tseo ke di tsebang,
18
hobane ho monate ha o di boloka ka pelong ya hao, kaofela ha tsona di dutse molomong wa hao.
19
Kajeno ke hlile ke ruta wena, Wena ka seqo, e le hore o tlo tsebe ho tshepa Morena.
20
Ke o ngoletse polelo tse mashome a mararo, tse nang le keletso le tsebo,
21
tse o rutang botshepehi le ho bua nnete, ya o rommeng o tlo mmolelle nnete.
22
O se tlatlape mofutsana hobane e le mofutsana, o se sotle bahloki ka kgotla,
23
hobane Morena o tla emela nyewe ya bona; ba ba jeleng le bona Morena o tla ba fedisa.
24
O se ke wa etsa setswalle le motho ya bohale, o se tlwaelane le sefelapelwana,
25
esere wa ithuta mekgwa ya sona, yaba le wena o a tshwaswa.
26
O se ke wa ikana ka ho etsa tshepiso, o se itlame ho lefa melato ya ba bang.
27
Ha o hloka seo o lefang ka sona ba tla o hlakola esita le moalo wa hao.
28
O se ke wa tlosa mekolokotwane ya kgale, e hlonngweng ke baholoholo ba hao.
29
Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha