|
| 1 |
|
| Motho ya nnileng a kgalengwa empa a satalatsa molala, hanghang o tla welwa ke kotsi, pheko e be siyo. |
|
| 2 |
|
| Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla, |
|
| 3 |
|
| Ya ratang bohlale o thabisa ntatae, ya mathang le diotswa o hafaka leruo la hae. |
|
| 4 |
|
| Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha. |
|
| 5 |
|
| Motho ya phoqang mohahabo o itjhehela leraba ka boyena. |
|
| 6 |
|
| Sebe sa ya kgopo ke lemena ho yena, empa ya lokileng o bina a nyakaletse. |
|
| 7 |
|
| Ya lokileng o hlokomela tokelo tsa bafumanehi, empa ya kgopo yena ha a di natse ka letho. |
|
| 8 |
|
| Basomi ba fehla moferefere, ba o fehla kahara motse, empa ba bohlale ba kokobetsa kgalefo. |
|
| 9 |
|
| Ha motho ya bohlale a qosana le ya sethoto, leha ya sethoto a ka halefa, kapa a tsheha, kgotso e ke ke ya eba teng. |
|
| 10 |
|
| Ba nyoretsweng madi ba hloile ba lokileng, empa ba lokileng ba boulela bophelo ba hae. |
|
| 11 |
|
| Sethoto se hlatsa kgalefo ya sona, empa ya bohlale yena o a e bipa. |
|
| 12 |
|
| Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo. |
|
| 13 |
|
| Mofumanehi le mohatelli ba tshwana ka sena: Morena o tutubolla mahlo, mahlo a bona bobedi. |
|
| 14 |
|
| Kgosi e ahlolelang bafumanehi, e ba ahlolelang ka toka, terone ya yona e tla tsitsa kamehla yohle. |
|
| 15 |
|
| Thupa le kgalemo di tlisa bohlale, empa ngwana ya tlohetsweng feela, o hlabisa mmae dihlong. |
|
| 16 |
|
| Ha ba kgopo ba anafala, bokgopo bo a eketseha; empa ba lokileng ba tla bona ha ba timela. |
|
| 17 |
|
| Kgalema mora wa hao, o tla fumana phomolo, le moya wa hao o nyakalle. |
|
| 18 |
|
| Tjhaba se sa senolelwang ditaba, se iketsetsa borata, empa ho lehlohonolo ya bolokang molao. |
|
| 19 |
|
| Lekgoba le ke ke la kgalengwa ka ho buiswa feela, le hoja le utlwisisa, le ke ke la phetha taelo. |
|
| 20 |
|
| Motho eo ereng ha a bua a phasolohe, o ka tshepa sethoto ho ena le yena. |
|
| 21 |
|
| Ya bokotsang kgoba la hae ha a le hodisa, le tla qetella le mo hlokela teboho. |
|
| 22 |
|
| Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo. |
|
| 23 |
|
| Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho. |
|
| 24 |
|
| Motswalle wa leshodu o itlhoile, o utlwa thohako, empa ha a e natse, |
|
| 25 |
|
| Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha. |
|
| 26 |
|
| Ba bangata ba batla ho ratwa ke mmusi, empa motho o fumana toka ho Morena feela. |
|
| 27 |
|
| Ba lokileng ba nyonya ba sa lokang, ba sa lokang ba nyonya ba lokileng. |
|
|
|
|