|
| 1 |
|
| Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke, |
|
| 2 |
|
| o tlo lelefaletswe matsatsi a hao, lemo tsa kgotso di tle di o atele. |
|
| 3 |
|
| Eba le lerato, o be le botshepehi, molaleng wa hao o itlame ka tsona; o di ngole tlapeng la pelo ya hao. |
|
| 4 |
|
| O tla ratwa ke Modimo le batho, o iketsetse lebitso mahlong a bona. |
|
| 5 |
|
| Tshepa Morena ka pelo ya hao yohle, o se ke wa tshepa bohlale ba hao. |
|
| 6 |
|
| Kenya Morena mererong ya hao, mo kenye ho yona yohle, tsela tsa hao a tla di otlolle. |
|
| 7 |
|
| O se ipone o le bohlale, tshaba Morena, o sesefe bobe. |
|
| 8 |
|
| O tla phela hantle mmeleng, masapo a hao a tiye. |
|
| 9 |
|
| Tlotla Morena ka maruo a hao, le ka lopotsiya tsohle tsa dijalo tsa hao. |
|
| 10 |
|
| Disiu tsa hao di tla sasamatswa ke tjhai, merifi ya hao e kgaphatsehe veine. |
|
| 11 |
|
| Mora wa ka, se nyedise kgalemelo ya Morena, se kgathale ha a o laya, |
|
| 12 |
|
| hoba Morena o kgalema eo a mo ratang, sa ntata, ngwaneng eo a mo ratang. |
|
| 13 |
|
| Ho lehlohonolo ya iphumanetseng bohlale, ya bileng a fihletseng kutlwisiso, |
|
| 14 |
|
| hoba bo feta silefera ka bohlokwa, ho bo fihlela ke tlotlo le fetang kgauta; |
|
| 15 |
|
| bo kgahleha ho feta le mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona; |
|
| 16 |
|
| ka ho le letona bo kakatletse bolelele ba bophelo, ka ho le letshehadi bo kakatletse maruo le tlotla. |
|
| 17 |
|
| Tsela tsa bona di a kgahleha, moo bo tsamayang teng ho rena kgotso. |
|
| 18 |
|
| Ho ba bo kgomarelang ke fate sa bophelo, ho lehlohonolo ba itshwarellang ka bona. |
|
| 19 |
|
| Ka bohlale Morena o radile metheo ya lefatshe, ka kelello Morena a ala le mahodimo; |
|
| 20 |
|
| ka tsebo ya hae a arohanya madiba, maru a latsa phoka, a e latsa hodima lefatshe. |
|
| 21 |
|
| Mora wa ka, boloka bohlale le tlhalohanyo, di se tlohe mahlong a hao. |
|
| 22 |
|
| Tsena ho wena e tla ba bophelo, di qhake molala wa hao, di o kgabise. |
|
| 23 |
|
| O tla tsamaya o sireletsehile, leoto la hao le ke ke la kgoptjwa. |
|
| 24 |
|
| Ha o robala o ke ke wa tshaba letho, ha o robala o tla kgaleha thuwe! |
|
| 25 |
|
| Se tshabe tlokotsi e o tlelang ka tsometso, kapa timetso e welang ba kgopo hodimo; |
|
| 26 |
|
| hobane Morena ke yena letshepa la hao, leoto la hao le ke ke la wela lerabeng. |
|
| 27 |
|
| Fana ka tse molemo ho ba di hlokang, ha o ena le matla a ho etsa jwalo. |
|
| 28 |
|
| O se ke wa re ho wa heno: “Tsamaya o boele o kgutle, ke tla o nea yona hosasa,” empa o ntso ena le yona. |
|
| 29 |
|
| O se ke wa rerela wa heno bokgopo, empa yena a phela le wena a o tshepile. |
|
| 30 |
|
| Se qose motho ho se na lebaka, ha yena a sa o senyetsa letho. |
|
| 31 |
|
| Se kgahlwe ke motho ya kgantshang bohanka, se latele le e nngwe ya tsela tsa hae. |
|
| 32 |
|
| Morena o hloile ya sothang nnete, empa ya lokileng yena o a mo tshepa. |
|
| 33 |
|
| Morena o rohaka malapa a ba kgopo; o hlohonolofatsa a ba lokileng. |
|
| 34 |
|
| Morena o soma baikakasi, athe baikokobetsi o a ba hauhela. |
|
| 35 |
|
| Ba bohlale bona o a ba tlotla, athe lefa la dithoto ke ho tlontloloha. |
|
|
|
|