×

BIBELE Bible 1989

Liproverbia 31

1
Tsena ke dipolelo tsa Lemuele, kgosi ya Masa, tseo a neng a di rutwe ke mmae:
2
“Oho, ngwanaka! Oho, ngwana popelo ya ka! Wena eo ke mo filweng ho arabela thapelo tsa ka,
3
se qete matla a bonna ba hao ka basadi, se tjhediete le basadi ba timeditseng dikgosi.
4
“Ha ho lokele dikgosi, Lemuele, ho nwa veine ha ho di lokele, ho tjhatjhehela jwala ha ho lokele mahosana,
5
esere ha di nwele, molao tsa o lebala, bafumanehi ba ahlolelwa ka leeme.
6
Ba kgatheng la ho shwa ba nweseng jwala, ba sithabetseng dipelo le ba nwese veine.
7
Ba tloheleng ba nwe, ba lebale bofuma ba bona, mahlomola a bona ba se hlole ba a hopola.
8
“Eba molomo wa ba sa tsebeng ho ipuella, o tseke tokelo tsa bohle ba saretsweng.
9
Ba buelle, o ba ahlolele ka toka, o emele nyewe tsa bafumanehi le wona mafutsana.”
10
Mosadi ya kgabane a ka fumanwa ke mang? Bohlokwa ba hae bo feta le mabenyane a bohlokwa!
11
Monna hae o mo tshepa a sa kganane, mme bofutsana a ke ke be a bo tseba.
12
Ke matsatsi wohle a ho phela ha hae, o etsetsa monna tse molemo e seng tse mpe.
13
O batla boya, a batle motsitla, a sebetse ka matsoho a hae ka mafolofolo.
14
O tshwana le dikepe tsa bo-rakgwebo, dijo tsa hae o di tlisa di etswa hole.
15
O tsoha bosiu e sa le ka matjeke, a fepe bohle ba lelapa la hae, makgabunyane a hae a a abele mosebetsi.
16
Ha a kgahlwa ke tshimo eba o a e reka, a e leme morara ka tse sebeditsweng ke matsoho a hae.
17
Theka la hae o le tlama hathata, a matlafatse le matsoho a hae.
18
O lemoha hore kgwebo ya hae e a mo atla, bosiu bo sa bone la hae le sa tingwe.
19
Toloki o e tshwara ka letsoho la hae, tshwele a e tshware ka monwana ha a e ohla.
20
Bafumanehi o ba fepa a sa kganane, bahloki le bona a ba atswe ka tsoho le batsi.
21
Ha lehlwa le kgetheha letswalo ha a na lona, bohle ba lapa la hae ba apesitswe tse mofuthu;
22
kallane tsa moalo o itohela tsona, aparo tsa hae ke tsa lene e ntle, e perese.
23
Monna hae o hlompheha le kgorong tsa motse, ha a dutse teng le baholo ba naha.
24
O roka diaparo tsa lene e ntle a di rekise, le wona maqhama bahwebi ba a reka ho yena.
25
Matla le seriti ke tsona aparo tsa hae, taba tsa kamoso tsona o a di teola!
26
Ha a etswa molomo o bua ka kelello, thuto tsa mosa di tswe lemeng la hae.
27
O sedi tabeng tsa lelapa la hae, hase mokotla o mahlo, mohlohlwa-o-rapame.
28
Bana ba hae ba ema ba re o hlohonolo, le monna hae a rialo, a ba a mmabatse, a re:
29
“Basadi ba bangata ke basadi ba kgabane, empa wena kaofela o a ba feta!”
30
Leredi ke thetsane, botle ke lefeelafeelane; mosadi ya tshabang Modimo ke yena ya tla roriswa.
31
Mo nee moputso wa matsoho a hae, mosebetsi wa hae o mo rorise kgorong tsa motse.
Sotho Bible 1989
Bible Society of South Africa.
:
Boloka Lintlha