|
| 1 |
|
| Bana, mamelang thuto, thuto ya ntata lona, le e ele hloko, e tle le ruise kutlwisiso. |
|
| 2 |
|
| Ke le nea thuto ya sebele, se e furalleng ke hona. |
|
| 3 |
|
| Ha ke ne ke le ngwana ya ratwang ke ntatae, ngwana ya mong feela, sebokotswa-ke-mmae, |
|
| 4 |
|
| ntate a na nthuta, a re: “Polelo tsa ka di se tlohe pelong ya hao, boloka taelo tsa ka o tle o phele. |
|
| 5 |
|
| Iphumanele bohlale, iphumanele kutlwisiso, se lebale polelo tsa ka, o se di kgelohe; |
|
| 6 |
|
| se furalle bohlale, bo tla o sireletsa; bo rate, bo tle bo o lebele. |
|
| 7 |
|
| Bo kahodimo ho tsohle, iphumanele bona, ka tsohle tseo o nang le tsona, o bo reke, o iphumanele kutlwisiso. |
|
| 8 |
|
| Bo thoholetse, bo tla o phahamisa; ha o bo kgomarela bo tla o tlotla. |
|
| 9 |
|
| Bo tla kgabisa hlooho ya hao, bo e kgabise ka moqhaka o bohehang, bo o rwese mofapahlooho wa tlotla.” |
|
| 10 |
|
| Mora wa ka, mamela, o amohele polelo tsa ka, lemo tsa bophelo ba hao di tle di ate. |
|
| 11 |
|
| Ke o rutile tsela tsa bohlale, ka o tsamaisa tseleng tse otlolohileng. |
|
| 12 |
|
| Ha o tsamaya o ke ke wa sitiswa ke letho, ha o matha o ke ke wa kgoptjwa. |
|
| 13 |
|
| Tshwara thuto ena, o e mamarele, o e dise ka thata, ke yona bophelo ba hao. |
|
| 14 |
|
| Se tsamaye tseleng tsa ba kgopo, se tsamaye tseleng ya baetsadibe. |
|
| 15 |
|
| E kgese, o be o e kwekwetle; e kgelohe, o ikele ka tsela ya hao. |
|
| 16 |
|
| Ha ba sa etse bokgopo ha ba robale, ba fadimehiswa ke takatso ya ho bolaya. |
|
| 17 |
|
| Ba ja bohobe ba bokgopo, ba nwe veine ya meferefere. |
|
| 18 |
|
| Tsela ya ba lokileng e ka mafube a meso, kganya ya yona e eketseha, ho fihlela hara mpa motsheare. |
|
| 19 |
|
| Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho, ha ba tsebe se ba kgothometsang. |
|
| 20 |
|
| Mora wa ka, mamela mantswe ana a ka, o sekehele polelo tsa ka tsebe. |
|
| 21 |
|
| Polelo tsa ka o se di lebale, o di boloke ka pelong ya hao; |
|
| 22 |
|
| ke bophelo ho ba di amohelang, di phedisa mmele ya bona hamonate. |
|
| 23 |
|
| Baballa pelo ya hao, e baballe ho feta tsohle, hobane ke yona diba sa bophelo. |
|
| 24 |
|
| Se bue leshano ka molomo wa hao, puo tse thetsang di se tswe ka hanong la hao. |
|
| 25 |
|
| Mahlo a hao a tadime kapele ho wena, dintshi tsa hao di se ke tsa panya. |
|
| 26 |
|
| Qamaka ka hloko moo o hatang teng, tsela tsohle tsa hao di tle di tsitse. |
|
| 27 |
|
| Se kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, mehato ya hao e o phemise bokgopo. |
|
|
|
|