|
| 1 |
|
| Na ebe bohlale ha bo howe? Kutlwisiso yona ha e phahamise ntswe la yona? |
|
| 2 |
|
| Bo eme tseleng tse phahameng, bo eme mateanong a ditsela. |
|
| 3 |
|
| Bo howeletsa bo le kgorong tsa motse, bo howeletsa bo le monyako wa motse: |
|
| 4 |
|
| “Banna, mamelang, ke bitsa lona, ke ipiletsa ho batho bohle. |
|
| 5 |
|
| Lona ba se nang tsebo ithuteng bohlale! Lona dithoto batlang kutlwisiso! |
|
| 6 |
|
| Theang tsebe ke le bolelle tsa bohlokwa, ke le phatlalletse tse lokileng. |
|
| 7 |
|
| Ke tla bua nnete feela, hobane bokgopo ke bo hloile. |
|
| 8 |
|
| Polelo tsohle tsa ka ke tsa nnete, thetso le bomenemene ha di yo ho tsona, |
|
| 9 |
|
| di utlwahala tsohle ho ya nang le kelello, di nepahetse tsohle ho ba nang le tsebo. |
|
| 10 |
|
| Inkeleng thuto ya ka ho ena le silefera, ikgetheleng tsebo ho ena le kgauta. |
|
| 11 |
|
| “Bohlale bo molemo ho feta mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona. |
|
| 12 |
|
| Nna, Bohlale, ke fana le ka masene, tsebo le tlhalohanyo le tsona ke di ruile. |
|
| 13 |
|
| Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile. |
|
| 14 |
|
| Boeletsi le ho ba sedi le tsona ke tsa ka, kutlwisiso le matla le tsona ke tsa ka. |
|
| 15 |
|
| Ke ka nna kgosi di tsebang ho rena, le babusi ba etsang melao e lokileng. |
|
| 16 |
|
| Ke ka nna mahosi le mahosana a tsebang ho busa, le baahlodi bohle ba tsebang ho ahlola. |
|
| 17 |
|
| Ba nthatang le nna ke a ba rata, ba mpatlang bona ba tla mphumana. |
|
| 18 |
|
| Ho nna maruo le tlotla di teng, maruo a sa feleng le hona ho loka. |
|
| 19 |
|
| Tholwana ya ka e kgahleha ho feta kgauta, e feta kgauta e hlwekisitsweng, tse fumanwang ho nna di feta silefera e hlwekisitsweng. |
|
| 20 |
|
| Ke tsamaya tseleng ya toka, tsela ya ka ke tsela ya molao. |
|
| 21 |
|
| Ba nthatang ke ba abela lefa, matlole a bona ke a tlatse, a be mohlohlo. |
|
| 22 |
|
| “Morena o mpopile qalehong ya mesebetsi ya hae, pele ho mesebetsi ya hae, mesebetsi ya kgalekgale; |
|
| 23 |
|
| ke hlodilwe kgale, pele ho mehla yohle, ke hlodilwe tshimolohong, fatshe le eso be teng. |
|
| 24 |
|
| Ka tswalwa pele mawatle a eba teng, didiba tse kollang di eso ka di runya; |
|
| 25 |
|
| ka tswalwa thaba di eso ka di thewa, ka tswalwa le maralla a eso be teng, |
|
| 26 |
|
| pele fatshe le eba teng le masimo a lona, pele role la lefatshe le lona le eba teng. |
|
| 27 |
|
| Ke ne ke le teng ha a bea mahodimo bakeng sa wona, a seha moedi wa loapi, a o seha hodima mawatle; |
|
| 28 |
|
| ha a etsa lenamola la maru, a le etsa sepakapakeng, a phunya mehlodi ya madiba a e tsitsisa; |
|
| 29 |
|
| ha a sehela lewatle moedi wa lona, metsi a se ke a tlola taelo ya hae; le ha a rala metheo ya lefatshe. |
|
| 30 |
|
| Ke ne ke le tsoho la hae le letona, ka matsatsi wohle ke mo thabisa, ke nyakaletse ke le kapele ho yena; |
|
| 31 |
|
| ke thabetse lefatshe e le la hae, ke thabetse le batho a ba bopile. |
|
| 32 |
|
| “Jwale, bana ba ka, mmameleng! Ho lehlohonolo ba tsamayang tseleng tsa ka. |
|
| 33 |
|
| Mamelang thuto ya ka le tle le hlalefe, le se ke la hana ho e mamela. |
|
| 34 |
|
| Ho lehlohonolo motho ya mmamelang. ya lebelang kamehla menyakong ya ka, ya kokomalang thuleng la ntlo ya ka. |
|
| 35 |
|
| Ya mphumanang o fumana bophelo, Morena o tla mo rekolohela. |
|
| 36 |
|
| Ya sa mphumaneng o ipea kotsing, bohle ba ntlhoileng bona ba rata lefu.” |
|
|
|
|