BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Lahlela bohobe ba hao hodima metsi, hobane kamoso o tla bo fumana. |
| 2 |
| Bo abele ba supileng kapa ba robedi kaha tsietsi tsa lefatshe o ke ke be wa di tseba. |
| 3 |
| Haeba maru a dusa pula a tla e nesetsa hodima lefatshe; fate se ka wela ka borwa kapa ka leboya, moo se welang teng ke moo se tla rapalla teng. |
| 4 |
| Ya lebeletseng moya a ke ke a jala, ya tadimileng maru a ke ke a kotula. |
| 5 |
| Jwalokaha tsela ya moya o sa e tsebe, kapa popeho ya ngwana ka popelong, o ke ke wa tseba mesebetsi ya Modimo, e leng yena ya entseng tsohle. |
| 6 |
| Peo ya hao o e jale e sa le hoseng, ho fihlela mantsiboya matsoho a hao o se a phuthe, hobane ha o tsebe e tla atleha, kapa bobedi di tla mela hantle. |
| 7 |
| Ruri lesedi le molemo, le mahlo a thabela ho bona letsatsi. |
| 8 |
| Leha motho a ka phela lemo tse ngata, a ithabisa ka tsona tsohle, feela a hopole matsatsi a lefifi, hobane a tla ba mangata haholo; tsohle tse tla tla ke lefeela. |
| 9 |
| Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao. |
| 10 |
| Kahoo fedisa matshwenyeho a pelo ya hao, o hlohlolle tsietsi tsa mmele wa hao, hoba bongwana le botjha ke mafeelafeelane. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/ecclesiastes/011.mp3
12
11