Yare ke sa tswa ba feta, moratuwa wa ka ka mo fumana; ka mo mamarela, ka se ke ka mo tlohela ho fihlela ke kena le yena ka lapeng heso, ke mo isa ka kamoreng ya mme, montswadi wa ka.
Lona baradi ba Jerusalema, ke a le laya, ke le laya ka ditshepe le ka dikgama tsa naha: Le se tsose moratuwa wa ka kapa la mo sisinya ho fihlela yena a ka rata ho tsoha!
Kaofela ha bona ba hlometse ka disabole, kaofela ha bona ntwa ba e tlwaetse, disabole di leketla qholong tsa bona, ba laletse ha mokgosi wa bosiu o hlajwa.
ditshiya tsa wona a di etsa ka silefera, mokokotlo wa wona ya eba wa kgauta, kallane ya eba ya lesela, lesela le perese, bokahare ba wona bo lohilwe ke baradi ba Jerusalema bo lohilwe ke bona ka lerato.
Tswang ka matlung, lona baradi ba Sione, tswang le bone kgosi Solomone o rwetse moqhaka, moqhaka a o rwesitswe ke mmae mohla lenyalo, mohla thabo e kgaphatsehang pelong ya Solomone.