Ke tlile rapeng sa ka, wena kgaitsedi, monyaduwa wa ka, ke ikgeletse mmira, mmoho le dinoko tsa ka; ke jele mahe a dinotshi, mmoho le kgekge ya wona, ke nwele veine ya ka le lona lebese la ka. Jang, le nwe, lona metswalle, le nwe haholo, lona baratuwa!
Leha ke ne ke robetse, pelo ya ka e ne hlobaela, ka utlwa moratuwa a kokota monyako, a re: “Mpulele kgaitsedi, moratuwa wa ka, leebana la ka, pabala ya ka; hlooho ya ka e metsi ke ho lalwa ke phoka, moriri wa ka o mongobo ke leswe la bosiu.”
Moratuwa wa ka ka mmulela monyako, athe moratuwa o sa fetile, a ile. Ha a bua ka kgathala matla, ka mmatla, ka se ke ka mo fumana, ka mmitsa, empa a se ka nkaraba
Moratuwa wa hao o feta ba bang ka eng, wena Seilatsatsi hara basadi ba bang? Moratuwa wa hao o feta ba bang ka eng, hoo o ka re layang ka mokgwa o tjee?
Matsoho a hae a ka meholoko ya kgauta, meholoko e kgabisitsweng ka lejwe la Tarashishe; mmele wa hae o benya sa manaka a tlou, manaka a tlou a kgabisitswe ka disafire.
Tlhafu tsa hae di tshwana le tshiya tsa mahakwe, tse hodima tshehetso tsa kgauta e hlwekisitswe; bopeho sa hae se kgahleha sa naha ya Lebanone, se kgethehile jwaloka kedare tsa Lebanone.
Polelo tsa hae tsona ke tse mathe-malodi, athe ha e le yena ke tjaka, o a rateha. Enwa ke yena moratuwa wa ka, enwa ke yena motswalle wa ka, lona baradi ba Jerusalema.