Maoto a hao a tshwanelwa ke meqathatso, a tshwanelwa ke yona hakaakang, wena kgosatsana, moradi wa kgosi! Thopola tsa hao di ka mabenyane, mabenyane a entsweng ke setsebi sa mekgabiso.
Mokgubu wa hao o ka mopotjwana, o sa ke be o hloke veine e tswakilweng ka dinoko. Theka la hao le tshwana le setha sa mabele, se potapotilweng ke mehaladitwe kahohle.
Molala wa hao o ka tora ya manaka a tlou, mahlo a hao a ka matshana a Heshebone, a pela monyako wa motse, motse oo o moholo. Nko ya hao e ka tora ya Lebanone, tora e lebileng ka nqeng ya Damaseka.
Yaba ke re: “Ke tla hlwella hodima fate sena sa palema, ebe ke kgola tholwana tsa sona.” Matswele a hao a tla ka masihla a morara, moya wa hao o ke monkwane wa diapole,
A re tsohelle rapeng tsa morara, re yo bona hore na morara o so fupile, na thunthung tsa wona di se di hlahile, na dikgarenate di se di thuntse na. Lerato ke tla o abela lona re le moo.
Apole tsa moratiso di nkga hamonate, tholwana tsa mefuta yohle di pela monyako wa rona; tholwana tse ntjha le tholwana tsa kgale ke o boloketse tsona, wena moratuwa.