BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Mohla tsatsi leo, o tla re: “Oho, Morena, ke tla o boka, le hoja o ne o nkgalefetse; kgalefo ya hao e kgaoditse, wena o fela o ntshedisitse. |
| 2 |
| Modimo ke mopholosi wa ka, ke tla mo tshepa, mme ke se ke ka tshaba; Morena ke matla a ka, ke pina ya ka, Morena o fetohile mopholosi wa ka.” |
| 3 |
| Le tla ikgella metsi le thabile, le a kge didibeng tsa pholoho. |
| 4 |
| Mohla tsatsi leo, le tla re: “Lebohang Morena, le mo rapele, phatlalatsang mesebetsi ya hae hara ditjhaba, le bolele hore bitso la hae le leholo. |
| 5 |
| Binelang Morena, hobane o entse tse tlotlehang, tsena le di tsebise lefatshe lohle. |
| 6 |
| Howeletsang haholo, le didietse ka thabo, le bine lona baahi ba Sione. Ya Halalelang wa Iseraele o moholo hara lona.” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/isaiah/012.mp3
66
12