Tjhaba di tla felehetsa Baiseraele, di ba felehetse ho ya naheng ya bona; Baiseraele ba tla okamela ditjhaba, ba di etse bahlanka naheng ya Morena, ba di etse makgabunyane naheng ya Morena. Ba tla thopa bathopi ba bona, ba buse bahatelli ba bona.
fate tsa modutu le kedare tsa Lebanone, di thabetse ho wa ha hao, di re: Ha e le mona o se o kokobeditswe, ha ho ya sa tla nyoloha, a nyolohele thabeng ho re rema.
“Nqalo ya Bafu e etsa mokutu ho o kgahlanyetsa, e tsosa bafu ho o dumedisa, bohle bao e neng e le babusi lefatsheng; bohle bao e neng e le dikgosi tsa ditjhaba, e ba emisa diteroneng tsa bona.
Botlotlehi ba hao bo theohetse lebitleng, bo theohetse mmoho le melodi ya katara tsa hao; tshenyane e fetohile moalo wa hao, diboko di fetohile kobo ya hao.
O ile wa bua ka pelo, wa re: “Ke tla nyolohela lehodimong, ke phahamise terone ya ka, ke e phahamisetse kahodimo ho dinaledi tsa Modimo, ke bee terone ya ka thabeng eo ho phuthehelwang ho yona, ke e bee tlhorong e phahameng ya thaba e ka leboya.
“Ba o bonang ba tla o makalla, ba o tadimisise hantle, ba re: Na eo ke yena monna ya ileng a sisinya lefatshe, ya neng a etsa hore mebuso e thothomele;
yena monna ya ileng a fetola lefatshe nahathothe, yena ya ileng a timetsa metse ya lona, yena ya sa kang a dumella bathopuwa, ho kgutlela ha habo bona?
empa wena o lahletswe kantle ho lebitla la hao, wa lahlelwa kantle sa lekala le nyatseha, topo tsa babolauwa di entse setha hodima hao, bona ba ileng ba bolawa ka sabole, bona ba ileng ba theolelwa mohohlong o majwe, ba theolelwa jwaloka setopo se hataketswe ka maoto.
O ke ke be wa epelwa jwaloka kgosi, tsa tjhaba tse ding, hobane o sentse naha ya hao, wa bolaya tjhaba sa heno. Tloholo tsa ba kgopo ha di sa tla hopolwa.
“Ke tla ema ke ba futuhele,” ho rialo Morena wa mabotho; “ke tla timetsa bitso la Babilona le masalla a yona, ke timetse bana ba yona le ditloholo tsa yona,” ho rialo Morena.
Ke tla phetshela Baasiria naheng ya ka, dithabeng tsa ka ke ba hatakele; joko ya bona ke tla e tlosa hodima tjhaba sa ka, mojaro wa bona ke o tlose mahetleng a sona,
Se nyakalleng lona Bafiletsita bohle, la re molamu o neng o le otla o robehile, hoba lelokong la noha eo ho tla tswalwa qowane, yona e tswale kganyapa e fofang ka setsokotsane.
Bokolla wena monyako! Meketsa wena motse! Lona bohle ba Filesitiya thothomelang! Mosi o kang leru o foqoha o etswa leboya, hara mabotho a hae ha ho ya tla salla.