BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Bona ke boporofeta malebana le Moabe: Ka bosiu bo le bong Are e Moabe e timeditswe! Ka bosiu bo le bong Kire e Moabe e timeditswe! |
| 2 |
| Batho ba Dibone ba nyolohetse tempeleng ya bona, ba nyolohetse ho ya llela dibakeng tsa bona tsa borapedi; baahi ba Moabe ba llela Nebo le Medeba, ba ikutile lekorana, ba ipeotse le ditedu. |
| 3 |
| Ba tsamaya terateng tsa motse, ba apere tse mahwashe, bohle ba lla ba le hodima marulelo, le mabaleng a motse, ba itabanya fatshe ba ntse ba lla. |
| 4 |
| Ba Heshebone le ba Elale ba a howeletsa, mantswe a bona a utlwahala hohle ho ya fihla Jahase; kahoo le bahlabani ba Moabe ba a howeletsa, bahlabani bohle ba a thothomela. |
| 5 |
| Pelo ya ka e llela ba Moabe, baphaphathehi ba bona ba balehetse Soware, ba baleha ho ya fihla Egelate-Sheleshiya, ba nyoloha ka tsela e yang Lohite, ba nyolohela Lohite ba ntse ba lla, ba llela timelo ya bona ba le tseleng e yang Horanaime. |
| 6 |
| Metsi a Nimerime a pshele, jwang bo omeletse, dimela di fedile, ha ho letho le letalana. |
| 7 |
| Maruo ao ba a sebeditseng ka thata, ba a bokella, ba a kakatetse ho ya tshela Molatswana wa Meduwane. |
| 8 |
| Mokgosi wa bona o hoballa, ho ya fihla meeding ya Moabe, seboko sa bona se fihla Egelaime, sello sa bona se fihle le Beere-Elime. |
| 9 |
| Metsi a Dimone a tlerefetse ke madi, ke hona ke sa tla tlisa koduwa, ke e tlisetse Dimone: Baphaphathehi ba Moabe ba tla bolawa ke tau, ba tla sala teng le bona e tla ba bolaya. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/isaiah/015.mp3
66
15