BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Ka selemo seo molaodi e moholo a neng a tle Ashedode ka sona, a romilwe ke Saregone, kgosi ya Asiria, molaodi eo a futuhela Ashedode, mme a e hapa. |
| 2 |
| Ka yona nako eo Morena a bua ho Esaya, mora wa Amose, a re ho yena: “Hlobola lesela le mahwashe leo o le apereng, o role le meqathatso maotong a hao.” Esaya a etsa jwalo, a tsamaya a hlobotse, a sa rwala letho maotong. |
| 3 |
| Yaba Morena o re: “Jwalokaha Esaya, mohlanka wa ka, a ile a tsamaya ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala letho maotong, hoo e le pontsho le sesupo se etsetswang Egepeta le Kushe; |
| 4 |
| ka mokgwa o jwalo kgosi ya Asiria e tla thopa batho ba Egepeta le ba Kushe, bana le maqheku, e ba thope ba hlobotse, ba sa rwala letho maotong, dibono di le kantle, e le ho hlabisa Baegepeta dihlong. |
| 5 |
| Ba neng ba tshepile Kushe, mme ba ithorisa ka Egepeta ba tla tshaba, ba hlajwe ke dihlong. |
| 6 |
| Mohlang oo, setjhaba se ahileng lebopong lena, se tla re: Bonang se hlahetseng bao re neng re ba tshepile, bao re bileng ra phallela ho bona ho ya kopa thuso, hore re namolelwe matsohong a kgosi ya Asiria! Jwale rona re ka phonyoha jwang? ” |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/isaiah/020.mp3
66
20