Babusi ba hao bohle ba balehile mmoho, ba thopilwe ba eso fule ka diqha. Bohle ba fumanweng kahare ho wena ba tshwerwe mmoho, le hoja ba ne ba balehetse hole.
Tsatsi lena ke la mekutu, la ho hatakelwa, le la tshabo, tsatsi le laotsweng ke Morena, Modimo wa mabotho, ka Kgohlong ya Pono, rata la ho heletswa ha marako le tla utlwahala kwana mahaheng.
Pakeng tsa marako a mabedi la haha letamo, la le hahela ho thibela metsi a Letshana la Kgale; empa la se ke la natsa Moetsi wa lona, kapa la tsotella ya le rerileng kgalekgale.
Empa ya eba thabo, ya eba nyakallo, ha hlajwa makgomo, ha hlajwa manku, ha jewa dinama, ha nowa veine! “A re jeng, re inwelleng,” lona la rialo, “hobane hosasane re tla be re shwele!”
Morena wa mabotho o ile a senola tsena, moo ke utlwang, a re: “Ruri bokgopo bona bo ke ke ba tshwarelwa ho fihlela le eshwa,” ho rialo Morena Modimo wa mabotho.
Ruri o tla o phuthaphutha ka thata sa pidikwane, a o lahlele hara naha e nammeng. O tla ya shwela naheng eo, le kariki tseo o itlotlang ka tsona di felle moo, wena ya tlontlolotseng lapa la monga hao.
Ke tla mo apesa seaparo sa hao, ke mo tlame ka senyepa sa hao, le matla a hao a ho busa a be matsohong a hae. Yena e tla ba ntata ho baahi ba Jerusalema le ho ba ntlo ya Juda.
“Ka tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho, “thakgisa e kgokgothetsweng moo ho tiileng e tla kgokgothollwa, e kgaolwe, e wele fatshe, mme tsohle tse neng di itshwareletse ka yona di tla senyeha,” ho rialo Morena.