BIBELE Bible 1989
|
| 1 |
| Lehwatata le letswatlare di tla thaba, lefeella le nyakalle, palesa di thunye. |
| 2 |
| Hwatata le tla thunya haholo, le bine ka thabo, le fumane tlotla e kang ya Lebanone, botle e ke ba Karamele le ba Sharone; batho ba tla bona tlotla ya Morena, ba bone le botle ba Modimo wa rona. |
| 3 |
| Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang; |
| 4 |
| ho ba pelo di tshohileng le re: “Matlafalang, le se ke la tshaba, bonang, Modimo wa lona o tla ho le phetetsa, Modimo ke yena ya tla otla dira tsa lona, Modimo o tla tla, a le pholose.” |
| 5 |
| Mahlo a difofu a tla tutubollwa, ditsebe tsa bo-tutu di thibollwe; |
| 6 |
| sehlotsa se tla tlola se tlole jwaloka kgama, leleme la semumu le bine ka thabo. Metsi a tla phorosela hara lefeella, melatswana e phalle hara lehwatata. |
| 7 |
| Hlabathe le tjhesang le tla fetoha letsha, diba di kopotse mobung o ommeng. Moo e ne le dilao tsa diphokojwe ho tla mela jwang, le lehlaka, le lodi. |
| 8 |
| Mmila o moholo o tla ba teng moo, o rewe lebitso la Tsela ya Kgalalelo. Baetsadibe ba ke ke ba tsamaya ka yona, e tla ba ya ba lokelang ho e tsamaya, ba ke ke ba lahleha leha e le dithoto. |
| 9 |
| Tseleng tau e ke ke ya eba teng, batana se bohale se ke ke sa e tsamaya, ha ho le se seng se tla bonwa ho yona, balopollwa ke bona feela ba tla e tsamaya. |
| 10 |
| Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele. |
| Boloka Lintlha |
https://beblia.bible:81/BibleAudio/sotho1989/isaiah/035.mp3
66
35